Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jobo 1:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova a re ho Satane: O tswa kae? Satane a araba Jehova, a re: Ke tswa tjhalaka lefatsheng, le ho solla teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Yaba Morena o re ho Satane: “O tswa kae?” Satane a araba Morena, a re: “Ke tswa kwana lefatsheng, moo ke neng ke ntse ke ralotsa, ke hahlaula teng.”

Ver Capítulo Copiar




Jobo 1:7
9 Referencias Cruzadas  

Haele yena, a ya itlhahisa pela monga hae. Elisha a re ho yena: O tswa kae, Gehasi? A re: Mohlanka wa hao ha a tswe taotao.


Jehova a re ho Satane: O tswa kae? Satane a araba Jehova, a re: Ke tswa tjhalaka lefatsheng, le ho solla teng.


haele tse matla, di a tswa, di pheheletse ho tloha, ho ya le lefatshe lohle. Mme Jehova a re: Tlohang, le ye le lefatshe. Yaba di ya le lefatshe.


Moya o ditshila, ha o tswile ho motho, o ikela dithoteng tse tjheleng ho batla phomolo, o mpe o e hloke.


Le tsohe masene, le fadimehe; hobane Diabolose, e leng sera sa lona, o ntse a dikadika jwaloka tau e purumang, e batlang eo e ka mo jang.


Mme drakone e kgolo, e leng noha ya kgale, e bitswang Diabolose le Satane, e thetsang lefatshe kaofela, ya dihelwa; ya lahlelwa ntle, ya dihelwa lefatsheng, le mangeloi a yona.


mme o tla tswa ho ya kgelosa ditjhaba tse dikgutlong tse nne tsa lefatshe, Gogo le Magogo, a ba bokellele ho lwana; palo ya bona e ka ka lehlabathe la lewatle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos