Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 7:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ka baka leo, ke ya etsa ntlo eo lebitso la ka le bitswang ho yona, eo le itshepetseng yona, le leaho leo ke le neileng lona le bontata lona, jwalokaha ke setse ke entse Silo;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 Ka baka leo, seo ke ileng ka se etsa Shilo, ke tla se etsa Tempeleng ena e bitswang ka lebitso la ka, eo le e tshepang, le sebakeng sena seo ke neng ke se nee lona le baholoholo ba lona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 7:14
28 Referencias Cruzadas  

A tjhesa ntlo ya Jehova, le ntlo ya morena, le matlo wohle a Jerusalema; a tjhesa le matlo wohle a maholo.


mme ntlo eo, leha e phahame hakalo, motho ka mong ya fetang pela yona o tla makala, a re: Jehova o etseditseng naha eo le ntlo eo jwalo?


Yaba o tlohela tabernakele ya Silo, tente eo o neng o dutse ho yona hara batho,


Ntlo ya rona e halalelang e kganyang, moo bontata rona ba binneng dithoko tsa hao teng, e tjhele ke mollo; tsohle tseo re neng re di rata di senyehile.


Ke tlohetse ntlo ya ka; ke lahlile lefa la ka; se ratwang ke moya wa ka ke se neetse matsohong a bao e leng dira ho sona.


ka baka leo, bonang, ke tla le ngala, ke le lahlele hole le sefahleho sa ka, lona le motse oo ke neng ke o neile bontata lona.


Mikea wa Moreshethe o kile o porofeta mehleng ya Esekiase, morena wa Juda, mme a nna a bolella setjhaba kaofela sa Juda, a re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema e be qubu ya majwe, thaba ya ntlo e be thota ya moru.


O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Ekare ha le sa nkutlwe, ka ho tsamaya melaong eo ke e beileng pela lona,


le ntano tla, le ema pela ka ka tlung ena, eo lebitso la ka le bitswang ho yona, mme le re: Re namoletswe! athe ke hore ho etswe manyala ao kaofela na?


Le mpe le ye leahong la ka le neng le le Silo, moo ke neng ke beile lebitso la ka pele, mme le bone seo ke se entseng ho lona ka baka la bolotsana ba setjhaba sa ka sa Iseraele.


Le se ke la itshepela dipolelong tseo tsa lefeela tse reng: Tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, tempele ya Jehova ke yona eo!


Morena o tenehile ke aletare ya hae, sehalalelo sa hae ya eba manyala ho yena; o neetse mabota a matlo a hae a borena matleng a sera. Ba phahamisitse mantswe a bona ka tlung ya Jehova, jwalokaha ho etswa ka tsatsi la mokete.


Na kgauta e hlile e a fifala jwang? Kgauta e lekilweng e fetohile mmala jwang! Majwe a sehalalelo a hasane keng dikoung tsa mapatlelo wohle na?


O tsamaile tseleng ya ngwaneno, ke hona ke beileng mohope wa hae letsohong la hao.


Ere ho ba ntlo ya Iseraele: Morena Jehova o re: Bonang, ke se ke tla silafatsa sehalalelo sa ka, e leng boikgohomoso ba matla a lona, le takatso ya mahlo a lona, le se ratwang ke meya ya lona: bara ba lona le baradi ba lona bao le ba siileng ba tla dihuwa ke lerumo.


Le mpe le batle bodulo ba hae nqalong eo Jehova, Modimo wa lona, a tla e kgetha hara meloko ya lona yohle ho bea lebitso la hae teng, mme o ye teng.


Se tla o thibella metseng yohle ya hao, marako a hao a malelele, a matla, ao o a tshepileng naheng yohle ya hao, a be a wele fatshe; se tla o thibella metseng yohle ya hao lefatsheng lohle leo Jehova, Modimo wa hao, a o neang lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos