Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 6:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jwalokaha sediba se tshikgola metsi a sona, o tshikgola bolotsana ba wona jwalo; bothata le botubo bo ntse bo utlwahala ho wona, maqeba le matetetso a pela ka kamehla.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Jwalokaha sediba se kopotsa metsi, le motse ona o kopotsa bokgopo ho wona; mahahapa le timelo di utlwahala hara wona, kamehla ke bona bohloko ba wona le maqeba a wona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 6:7
24 Referencias Cruzadas  

Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.


Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hara hlooho, ha ho moo ho pholohileng; ke maqeba feela, matetetso le diso tse phephethang boladu, tse esong ho phunngwe le ho tlamellwa, mme ha di eso ho thojwe ka ole.


Empa ba bolotsana ba jwaloka lewatle le fuduilweng, le sitwang ho kgutsa, leo metsi a lona a ntshang diretse le ditshila.


Bolepo ba bona bo ke ke ba etswa diaparo, ba ke ke ba ikapesa ka mesebetsi ya bona, hobane mesebetsi ya bona ke mesebetsi ya bolotsana; kgalefo le tshenyo di matsohong a bona.


Hobane kamehla ha ke bua, ke ye ke howe, ke howeletse batho bothata le tshenyo; ka baka leo, lentswe la Jehova le mphetohetse sekgobo le sesomo ka tsatsi le leng le le leng.


Hobane ho itswe ke Jehova: Letetetso la hao ke le bolayang, leqeba la hao le lebe.


Ha ho ya o hlokomelang; ho thojwa, ho okwa, ho tlamellwa ho siyo ho wena.


O mekeletsang ka baka la letetetso la hao? Leqeba la hao ha le na ho fola. Ke o entse tseo ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di anafetse.


Hobane motse ona o nnile wa hlahisa bohale le kgalefo ho nna, ho nka mohla ba o hahileng, ho fihlela tsatsi lena, hore ke tle ke o tlose pontsheng ya ka;


Na ha ho sehlare Gileade, ha ho ngaka teng na? Ke ka baka lang ha leqeba la moradi wa setjhaba sa ka le sa tlamellwe?


Ha o ntse o batlelwa dipono tsa lefeela, o ntse o etsetswa bonohe ba leshano, le tla o lahlela ditopong tsa ba babe ba bolailweng, bao letsatsi la bona le fihlang nakong ya bokgopo ba ho qetella.


Hobane madi a tsholotsweng ke motse oo a teng hara wona, o a beile lefikeng le hlobotseng; ha o a ka wa a tshollela fatshe, ho a apesa ka lerole.


Morena Jehova o re: Oho, marena a Iseraele, ho lekane! Tlosang bothata le tshenyo, etsang ka taelo le ka ho loka; le se ke la hlola le leleka setjhaba sa ka: ho bolela Morena Jehova.


Bothata bo fetohile thupa e mpe ya ho otla. Ha ho a sala letho leha le le leng la bona, kapa la letshwele la bona, kapa la menono ya bona; ha ho sa le bokgabane ho bona.


Etsa mahlaahlela, hobane lefatshe lena le tletse ditlolo tse madi, mme motse wona o tletse bothata.


Ho madimabe motse o ikgantshang, o ditshila, motse o hlorisang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos