Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 52:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Selemong sa boroba mono o le mong sa puso ya Tsedekia, ka kgwedi ya leshome, ka la leshome la kgwedi, Nebukadresare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, yena le makgotla a hae kaofela; ba emisa pela motse, mme ba haha lerako pela wona ho o kopela hare.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ka letsatsi la leshome la kgwedi ya leshome, ka selemo sa borobong sa puso ya Sedekiya, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhela Jerusalema ka mabotho a hae wohle, a fihla a hloma pela motse. Ba haha diqhobosheane ho o potapota.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 52:4
22 Referencias Cruzadas  

Hobane ke tla o lalla ka nqa tsohle, ke o teele hare ka makgotla, mme ke tla haha difika tse phahameng ho o lwantsha.


O ke o re botsetse Jehova, hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o a re lwantsha; ekaba Jehova a ka re etsetsa o mong wa mehlolo ya hae, hore eo a tlohe ho rona.


Bonang, ditutudu di se di fihlisitswe pela motse ho o kena, mme motse o ya neelwa matsohong a Bakalde ba o lwantshang, o hlotswe ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa; seo o se boletseng se se se etsahetse, wa se bona.


Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, ha Nebukadnesare, morena wa Babilona, le makgotla a hae kaofela, le mebuso kaofela ya lefatshe e buswang ke letsoho la hae, le ditjhaba kaofela, di ntse di lwantsha Jerusalema le metse kaofela e mathokong a teng, la re:


Ka selemo sa boroba mono o le mong sa Tsedekia, morena wa Juda, ka kgwedi ya leshome, Nebukadresare, morena wa Babilona, a tla le makgotla a hae kaofela ho lwantsha Jerusalema, mme ba o thibella.


Ba mo teela hare jwalokaha ho etswa ke balebedi ba tshimo, kahobane a nkwenehetse, ho bolela Jehova.


Eitse hobane motse o phunngwe, bahlabani kaofela ba baleha; ba tswa motseng ka bosiu, ka kgoro e mahareng a marako a mabedi a serapeng sa morena; Bakalde ba ne ba ntse ba thibeletse motse; yaba ba ya ka tsela ya lehwatata.


Bonang, se nohang se letsohong la hae le letona: Ke Jerusalema! Ho tla bewa dipheleu, ho etswe mehoo polaong, ho hlajwe mokgosi, ho bewe dipheleu ho bolaya mamati a menyako, ho hahuwe ditutudu, ho hahuwe lerako le potang.


Ke tla mo heletsa, ke mo heletse, ke mo heletse; se leng teng ha se sa tla ba teng, ho be ho fihle eo kahlolo e leng ya hae, eo ke mo neileng yona.


O tla bolaya ka lerumo baradi ba hao ba naheng ya hao, a be a o teele hare ka lerako le potang, mme a o tjhekele ditutudu, a o emisetse thebe.


Ka selemo sa leshome le metso e mmedi sa kgoleho ya rona, ka kgwedi ya leshome, ka la bohlano la kgwedi, mophonyohi e mong wa Jerusalema a fihla ha ka, a re: Motse o hlotswe.


Selemong sa mashome a mabedi a metso e mehlano sa kgoleho ya rona, qalong ya selemo, ka la leshome la kgwedi, ho se ho le dilemo tse leshome le metso e mene motse o sentswe, ka lona tsatsi leo, letsoho la Jehova la eba ho nna, mme a ntlisa mona.


Ke tla kenya lerumo hara lona, le tlang ho pheteletsa selekane sa ka; etlare ha le bokane metseng ya lona, ke tla romela lefu la sewa hara lona, mme le tla neelwa matsohong a dira.


Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.


Hobane matsatsi a tla o wela hodimo, ao bao e leng dira ho wena ba tla tjheka lengope, ba o teele hare ka lona, ba o thibelle ka nqa tsohle;


Etlare ha le bona Jerusalema o teetswe hare ke makgotla a dira, le tsebe hoba tshenyeho ya wona e se e atametse.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos