Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Babilona o wele hang, o robehile. Bokollang bakeng sa hae, le kukele bohloko ba hae sehlare; ekaba o tla fola.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Babilona e wele hanghang ya bjaramana! Llelang Babilona ke hona! E feng setlolo sa ho thoba maqeba a yona haeba le re ho etsa jwalo ho tla e phekola.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:8
20 Referencias Cruzadas  

Bonang, ho hlahile dipere le bakalli ba tsona ba tsamayang ka bobedi. Sa eketsa sa re: O wele, Babilona o wele; ditshwantsho tsohle tsa medimo ya hae di bolaetswe fatshe.


Ka baka leo, tsietsi e tla o hlahela, eo o ke keng wa tseba ho e upa, bobe bo tla o wela hodimo, boo ho seng pheko eo o ka bo thibelang ka yona, le tshenyo eo o sa e tsebeng e tla tla hodima hao ka sehloho.


Athe o tla hlahelwa ke ntho tsena tse pedi ka tsatsi le le leng: ho hloka bana le bohlolohadi; di tla o hlahela ka sebele sa tsona, leha o ka thiba ka bongata ba boloi ba hao le ka bongata bo fetisisang ba boupelli ba hao.


O ka ya Gileade ho inkela sehlare teng, morwetsana, moradi wa Egepeta; leha o ka nka dihlare tse ngata, ke ka lefeela; ha ho phodiso bakeng sa hao.


Moabe o hlabisitswe dihlong, hobane o dihilwe; llang, le bokolle, le tsebise Arnone hoba Moabe o sentswe.


Ka baka leo, ke fehelwa bakeng sa Moabe, ke fehelwa bakeng sa Moabe kaofela; bakeng sa batho ba Kire-Hereshe ho a fehelwa.


Tsebisang sena hara ditjhaba, le se tumise, le emise folaga; se tsebiseng, le se ke la se pata, le re: Babilona o hapilwe, Bele o hlabisitswe dihlong, Merodake o swabile; ditshwantsho tsa hae di hlabisitswe dihlong, medimo ya hae e robakilwe dikoto.


Sheshake (Babilona) o hapilwe jwang? Bo phahlilwe jwang, bokgabane ba lefatshe kaofela? Babilona o entswe jwang makatso hara ditjhaba?


Na ha ho sehlare Gileade, ha ho ngaka teng na? Ke ka baka lang ha leqeba la moradi wa setjhaba sa ka le sa tlamellwe?


Mora motho, porofeta, o re: Morena Jehova o re: Bokollang! Jo! tshiu e ya tla!


Ke ka baka leo letsoho leo le rometsweng ke wona ho tla ngola lengolo leno.


mme Dariuse Momede a inkela mmuso, a le dilemo tse mashome a tsheletseng a metso e mmedi.


Leqeba la hao ha le na ho thojwa, matetetso a hao ha a na ho fola! Bohle ba utlwang tsa hao, ba tla o opela ka diatla; hobane bolotsana ba hao bo lesitse ho hlahela mang?


Lengeloi la bobedi la latela, le re: O wele, o wele, Babilona, motse o moholo, hobane o nwesitse ditjhaba tsohle veine ya bohale ba bootswa ba wona.


La howa ka lentswe le phahameng, le phepa, la re: O wele, o wele, Babilona e moholo! o fetohile moaho wa batemona, letsaba la meya yohle e ditshila, le letsaba la dinonyana tsohle tse sa hlwekang, tse ilwang!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos