Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:54 - Sesotho 1909/1961 (SO)

54 Lentswe la pokollo le tswa Babilona, le la tshenyo e kgolo lefatsheng la Bakalde.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

54 “Dillo tsa mahlomola di hlaha Babilona, ho utlwahala medumo ya koduwa e kgolo, koduwa e tswang naheng ya Bakalatiya.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:54
10 Referencias Cruzadas  

Pelo ya ka e lla hodima Moabe; ba phonyohileng ba balehetse Tsoware le Eglathe-Shelishia; hobane ba nyoloha ka moepa wa Luhithe ka dillo; diboko tsa tshenyeho ya bona di duma tseleng ya Horonaime.


O kokobeditse lerata la basele jwalokaha o kokobetsa lebatama la letsatsi naheng e tjheleng; o fedisitse dipina tsa hlolo tsa bahlorisi, jwalokaha lebatama la letsatsi le fediswa ke leswiti la leru.


Mokgosi wa ntwa o teng lefatsheng, le polao e kgolo.


Hlabang dipoho kaofela tsa lona, di ke di theohele polaong. Ho madimabe bona, hobane ho tlile letsatsi la bona, nako ya kgalemelo ya bona.


Morena wa Babilona o utlwa taba tsa bona, matsoho a hae a tepeletse, tsietsi e mo tshwere le bohloko bo jwaloka ba ya belehang.


Ka mohoo oo o reng: Babilona o hapilwe, lefatshe le a sisinyeha, lentswe la pokollo le utlwahala ditjhabeng.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ho tla utlwahala mohoo o tswang monyakong wa Dihlapi, le seboko se tswang Mishne, le tshenyeho e kgolo e maralleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos