Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 51:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Ka wena ke nnile ka pshatla pere le mopalami wa yona, ka wena ka pshatla koloi le ya e hlweleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 Ka wena ke tla qhemetsa pere le mopalami, ka wena ke qhemetse kariki ya ntwa, ke e qhemetse le moqhobi wa yona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 51:21
14 Referencias Cruzadas  

O fedisitse dintwa le ho isa pheletsong ya lefatshe, o robile diqha, a robakanya marumo, a tjhesa makoloi a ntwa mollong.


Ka tshokelo ya hao, Modimo wa Jakobo, makoloi hammoho le dipere tsa tshwarwa ke boroko bo boholo.


Yaba Moshe le bana ba Iseraele ba binela Jehova thoko ena; ba bina, ba re: Ke tla binela Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; pere le mokalli wa yona o di dihetse lewatleng.


Miriame a dumellana le bona, a re: Rokang Jehova, hobane o itlotlisitse le ho itlotlisa; o dihetse pere le mopalami wa yona lewatleng.


Makoloi a Faro le lekgotla la hae o a dihetse lewatleng, dinatla tsa hae tse kgethehileng di nwetse Lewatleng le Lefubedu.


ya ntshitseng dira ka makoloi, ka mapere, le makgotla le bahale; ba wele kaofela ha bona, ba ke ke ba hlola ba tsoha; ba tingwa, ba fela jwaloka kgwele ya lebone.


Lerumo le hodima dipere tsa hae, le hodima makoloi a hae, le hodima bajaki kaofela ba ho yena, mme ba ya fetoha basadi; lerumo le hodima matlotlo a hae, hore a tle a hapuwe.


Tafoleng ya ka, le tla kgora dipere le tse bofshwang, diqhenqha le bohle banna ba ntwa: ho bolela Morena Jehova.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova, ke tla timeletsa dipere tsa hao tse ho wena, ke fedise le makoloi a hao;


Bona, ke tla ho wena, ho bolela Jehova wa makgotla; ke tla tjhesa makoloi a hao, ke a fetole mosi, mme ditawana tsa hao di tla jewa ke lerumo. Ke tla tlosa kgapo ya hao lefatsheng, mme lentswe la manqosa a hao ha le sa tla utlwahala.


ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.


Ba ntlo ya Juda ba tla ba jwaloka bahale ba hatakelang dira seretseng sa mmila ntweng; ba tla lwana, hobane Jehova o na le bona, mme ba kaletseng dipere ba tla swaba.


Ka tsatsi leo, ho bolela Jehova, ke tla otla dipere tsohle ka tshoho le bakalli ka bohlanya, ke tutubollele mahlo a ka hodima ntlo ya Juda, dipere tsohle tsa ditjhaba ke di otle ka bofofu.


le tle le je dinama tsa marena, le dinama tsa balaodi ba dikete, le dinama tsa dinatla, le dinama tsa dipere, le tsa ba di kaletseng, le dinama tsa bohle ba sa ruwang le ba ruilweng, tsa ba banyenyane le tsa ba baholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos