Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Ba nonne, ba sotse, le hona ba tlodisa bobe bo ka bolelwang. Ho ahloleng ha ba ahlole, ha ba ahlolele kgutsana, mme ba atleha; ha ba etsetse nyewe ya mafutsana kahlolo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

28 Ba a rotoloha, ba be moropotsana, ketso tse kgopo tsa bona ke tse se nang moedi; ha ba ahlole dinyewe ka toka, ha ba buelle dikgutsana dinyeweng, ha ba lwanele tokelo tsa mafutsana.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:28
24 Referencias Cruzadas  

Boiketlo bo ditenteng tsa basenyi, kgotso e teng ho ba sa reng letho ka Modimo, bao matla a bona e leng modimo wa bona.


Pelo tsa bona di nonne mafura; nna, ke ithabisa ka molao wa hao.


O tla ahlolela ba madimabe ba setjhaba, a thuse bana ba ya lesitsi, mme a hatakele batubi.


Ba tadimeng ba babe bao! Ba iketla kamehla, ba totisa matlotlo a bona.


Hobane ha ba tsebe matshwenyeho ho isa lefung la bona, mmele wa bona o otleha hantle;


Jehova o ripitla ntlo ya baikgohomosi; empa o tiisa mekolokotwane ya tshimo ya mosadi wa mohlolohadi.


Marena a hao a ikganetse, a ikentse balekane ba mashodu; e mong le e mong o rata ho nyehellwa, ba mathela meputso; ha ba sa ahlolela dikgutsana, nyewe ya mohlolohadi ha e fihle pela bona.


Jehova, o lokile, nka sitwa ho tseka le wena; leha ho le jwalo, ke ya tseka le wena. Na ba babe ba ntse ba atleha keng? Bathetsi kaofela ba na le kgotso keng?


O tseba ho fumana tsela ya hao hantle hakakang ha o ipatlela dinyatsi! Ke hona o ntseng o itemaletsa mekgwa ya bolotsana.


Ho itswe ke Jehova: Etsang kahlolo le ho loka, le namolele mofutsana matsohong a ya mo tubang, le se ke la tsohela moditjhaba le kgutsana le mosadi wa mohlolohadi matla; le se ke la ba etsa hampe, le se ke la tsholla madi a se nang molato nqalong ena.


ha le sa tube moditjhaba le kgutsana le mohlolohadi, le sa tsholle madi a se nang molato nqalong ena, ha le sa tsamaele medimo esele, ka ho lahleha ha lona;


Utlwang lentswe lena, lona dithole tsa Bashane tse thabeng ya Samaria, lona le hlorisang ba banyenyane, le tshwenyang mafutsana, le reng ho banna ba lona: Tlisang, re nwe!


le se ke la hlorisa mosadi wa mohlolohadi, le kgutsana, le moditjhaba, le mofutsana, le se ke la rerela ngwanabo lona kotsi pelong tsa lona.


Ho tumile kahohle hobane bofebe bo teng hara lona, le hona e le bofebe boo ho sa bolelweng bo bokalo le hara bahetene; ho thwe, e mong o na le mohatsa wa ntatae.


Empa Jeshurune a nona, mme a raha. Wa nona, wa iketsa ya nyenya, le ya kgurumeditsweng ke mafura. O lahlile Modimo o mo entseng, o nyedisitse Lefika la poloko ya hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos