Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Bonang, lona ntlo ya Iseraele, ke ya le tlisetsa setjhaba se hole, ho bolela Jehova, setjhaba se matla, setjhaba sa kgale, seo o sa utlweng puo ya sona, o sa utlweng seo se se bolelang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Wena ntlo ya Iseraele,” ho rialo Morena, “ke tlisa tjhaba se tswang hole ho o futuhela, tjhaba sa kgale, sa boholoholo, tjhaba seo puo ya sona o sa e tsebeng, tjhaba seo leme le sona o sa le tsebeng.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:15
27 Referencias Cruzadas  

A re theoheng he, re ferekanye puo ya bona hona teng, hore e mong a se ke a utlwa puo ya e mong.


ke bopaki boo o bo beileng ho Josefa, mohla o futuhelang Egepeta.


Ka baka leo, ke ka melomo e kokotletsang le ka puo ya basele a tlang ho bua le setjhaba sena.


Hobane ke tla o lalla ka nqa tsohle, ke o teele hare ka makgotla, mme ke tla haha difika tse phahameng ho o lwantsha.


Jehova wa makgotla o tla tla ka diaduma, ka ditshisinyeho tsa lefatshe, ka modumo o moholo, ka sefefo, ka setsokotsane, le ka malakabe a mollo o tjhesang.


Ha o sa tla hlola o bona setjhaba se thata, setjhaba se puo e sa utlwahaleng, se puo e kokotletsang, eo motho a ke keng a e utlwisisa.


Yaba moporofeta Esaia o tla ho morena Esekiase, a re ho yena: Banna bao ba itseng? Ba tlile ho wena ba etswa kae? Esekiase a re: Ba tlile ho nna ba etswa naheng e hole, Babilona.


O emisetsa ditjhaba tse hole folaga ya hae, mme o di hlabela mokgosi, hore di tlohe pheletsong ya lefatshe; mme hang, di a phalla, di tla ka lebelo.


Ruri, tshimo ya merara ya Jehova wa makgotla ke ntlo ya Iseraele, banna ba Juda ke ditlama tseo a neng a kgahliswa ke tsona; o ne a lebeletse ho loka, empa a bona hloriso, a lebella kahlolo, empa a bona mohoo wa hloreho.


Hobane bonang, ke a mema ditjhaba kaofela tsa mebuso ya leboya, ho bolela Jehova, hore di tle di bee se seng le se seng terone ya sona mabaleng a menyako ya Jerusalema, le pela marako a teng kaofela ka ho a kopela hare, le pela metse yohle ya Juda.


Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Bolellang ditjhaba, le tsebise Jerusalema, le re: Ba tlang ho mo patela ka ntwa ba tswa lefatsheng le hole, mme ka mehoo ba lwantsha metse ya Juda.


Hobane ntlo ya Iseraele le yona ntlo ya Juda e hlile e nthetsitse hampe, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova: Bonang, setjhaba se ya tswa lefatsheng la Leboya, setjhaba se seholo se ya hlaha se tswang dipheletsong tsa lefatshe.


Egepeta, Juda, Edomo, bana ba Ammone, le Moabe, le bohle ba ipeolang hlafunelo, ba ahileng mafeelleng, hobane ke ditjhaba tse sa bolleng kaofela, mme le yona ntlo yohle ya Iseraele ha e a bolla pelo.


Lahlelang hole le lona ditlolo tsohle tsa lona, tseo le tlotseng ka tsona, le iketsetse pelo e ntjha le moya o motjha. Na le ratelang ho shwa, lona ba ntlo ya Iseraele?


e be bahlankana ba se nang sekodi le letheba, ba difahleho tse ntle, ba bohlale, ba tswetseng pele tsebong, ba fetisang ka kelello, ba lokelang ho kena tshebeletsong ya ntlo ya borena; ba tla rutwa puo le mangolo a Bakalde.


Kamora moo, ha ke tadima diponong tsa ka tsa bosiu, ka bona sebatana sa bone se tshabehang, se bohale, se fetisang ka matla, se ena le meno a maholo a tshepe, se rusolla, se bjabjaretsa, se hatakela ho siilweng ka maoto a sona; se ne se le hosele ho dibatana tsohle tse se eteletseng pele; se ne se na le manaka a leshome.


Ka baka leo, Jehova, Modimo wa makgotla, o re: Lona ba ntlo ya Iseraele, bonang, ke ya le tsosetsa setjhaba se tla le hlorisa ho tloha Hamathe, ho isa nokeng ya lesabasaba.


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


Ho ngodilwe molaong, ho thwe: Ke tla bua le setjhaba sena ka batho ba puo esele le ka melomo ya basele; mme le teng ba ke ke ba nkutlwa, ho rialo Morena.


Dijo tsa lefatshe la hao, le tsohle tsa ho sebetsa ha hao, di tla jewa ke setjhaba seo o sa se tsebeng; mme o tla hloriswa, o hatakelwe ka matsatsi wohle.


Jehova o tla lata setjhaba se hole se qetellong ya lefatshe, se lebelo jwaloka ntsu e fofang, ho tla o lwantsha, setjhaba seo o ke keng wa utlwa puo ya sona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos