Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 5:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 haele baporofeta, ke moya feela, lentswe la Jehova ha le yo ho bona; ba ke ba etswe jwalo hle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 Baporofeta bona ke moya feela, ha ba na molaetsa o tswang ho Morena; a ba ke ba timele ke hona!”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 5:13
13 Referencias Cruzadas  

Empa ba nna ba soma ka manqosa a Modimo, ba nyedisa dipolelo tsa wona, ba tsheha baporofeta ba wona, ho fihlela kgalefo ya Jehova e ba e phahamela setjhaba sa wona, ho se ho se kamoo ho ka thuswang kateng.


Na a ke dipolelo tsa ka tseo le ratang ho di kgalemela na? Na ditaba tsa ya tsherehaneng, na ke moya feela o yang le tsona na?


Taba tse jwaloka tseo o tla di bua ho isa kae na? Mantswe a molomo wa hao a be jwaloka moya o tsukutlang, ho isa kae na?


Ya ithorisang ka ho fana ha leshano, o jwaloka maru le moya o fokang, pula e le siyo.


Bonang, kaofela ha bona hase eng, mesebetsi ya bona ke lefeela le bosawana, ditshwantsho tsa bona ke pudulo feela.


Yaba ke re: Jo! Jo! Morena Jehova, bona, baporofeta ba bona ba ba bolella, ba re: Ha le ka ke la bona lerumo, tlala ha e ka ke ya eba teng ho lona; hobane ke tla le nea kgotso e tiileng nqalong ena.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta bao ba porofetang ka lebitso la ka, kanthe ke sa ka ka ba roma, ba re: Lerumo le tlala ha di ka ke tsa eba teng lefatsheng lena; baporofeta bao ba tla timetswa ke lerumo le ke tlala.


Ba mpa ba re: Tloong, re ke re rere Jeremia, hobane molao ha o a fela ho baprista, le keletso ha e a fela ho ya hlalefileng, leha e le polelo ho moporofeta. Tloong, re mo hlabeng ka leleme, re se elellwe polelo le e nngwe ya hae.


Badisa ba hao bohle ba tla nkwa ke moya, dinyatsi tsa hao di iswe kgolehong; ke moo o tla hlabiswa dihlong, o swabe ka bolotsana bohle ba hao.


Dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe, ke tla busetsa nqalong ena mafiso kaofela a ntlo ya Jehova, ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a a nkileng nqalong ena, mme a ile le wona Babilona.


Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng.


Ho se ho tla ditshiu tsa hlahlobo, ho se ho tla ditshiu tsa phetetso! Iseraele o tla tseba! Moporofeta o fetohile lewatla, motho wa moya o hlanya ka baka la boholo ba bokgopo ba hao le ka baka la bora ba hao bo boholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos