Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 49:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O ithorisetsang ka dikgohlo, ka kgohlo e kollang metsi, moradi ya satallang, ya itshepetseng matlotlo a hao, o reng: Ke mang ya ka mphutuhelang na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Ho ya kang le ithorisang ka kgohlo tsa lona, le ithorisang ka kgohlo tsa lona tse manoni? Wena moradi ya hlokang botshepehi, wena ya tshepileng maruo a hae, ya reng: ‘Ke mang ya tla mphutuhela?’

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 49:4
18 Referencias Cruzadas  

ba itshepetseng menono ya bona, ba ithorisang ka bongata ba maruo a bona?


Ke eo motho ya sa kang a inkela Modimo ho mo etsa qhobosheane ya hae, ya neng a itshepisa ka maruo a hae a maholo, ya neng a ipea matla ka bolotsana ba hae!


Le se ke la tshepa botubo, le se ke la bea tshepo ya lona tlatlapong. Ha le atelwa ke maruo, le se ke la bea dipelo tsa lona ho wona.


Menono ya morui ke qhobosheane ya hae, empa bomadimabe ba mafutsana ke ho fumaneha ha wona.


Bona, ke na le taba le wena, motse o dutseng kgohlong, lefikeng la lehwatata, ho bolela Jehova; hape ke na le taba le lona le reng: Re ka futuhelwa ke mang? Kapa ke mang ya ka kenang matlung a rona?


Kgutlang, bana ba kwenehileng, ho bolela Jehova, hobane ke nna monga lona. Ke tla le nka e mong motseng o mong, ba babedi molokong o mong, ke le busetse Sione.


O tla nne o phaile ho isa hokae, mokwenehi? Hobane Jehova o ya bopa ntho e ntjha lefatsheng: mosadi o ya teela monna hare.


Hobane, erekaha o itshepetse diketso tsa hao le matlotlo a hao, le wena o tla hapuwa, Kemoshe a iswe kgolehong, hammoho le baprista ba hae le ba baholo.


Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.


Empa ha ba ka ba utlwa, leha e le ho sekeha ditsebe, ba nnile ba tsamaya mererong le bothateng ba dipelo tse mpe tsa bona, ba nnea seholoholo, e seng sefahleho.


Ho itswe ke Jehova: Ya leng bohlale a se ke a ithorisa bohlaleng ba hae, ya matla a se ke a ithorisa matleng a hae, mofumi a se ke a ithorisa lefumong la hae.


Hobane Iseraele o a ikgantsha, o tshwana le sethole se sa thapeng. Jwale, Jehova o tla ba fudisa, ba be jwaloka konyana feelleng.


Laela ba ruileng tsa mehla ya jwale hore ba se ke ba ikgohomosa, ba se ke ba tshepa moruo o sa tiyang, ba mpe ba tshepe Modimo o phelang, o re fang tsohle ka bongata, re tle re di thabele.


Mo hlokofatseng, le be le mo hlomodise, ho tle ho be ho lekane le ho ithorisa le ho nyakalla ha hae, hobane o itse pelong ya hae: Ke dutse ke le mofumahadi, ha ke mohlolohadi, mme nke ke ka tseba bofifi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos