Diphokojwe di tla lla matlung a marena a teng, diphiri di lle matlung a teng a dinyakallo. Nako ya Babilona e se e le haufi, matsatsi a hae a ke ke a eketseha.
Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ke tla kgaoletsa polelo eo, e tle e se ke ya nna ya phetwa Iseraeleng. O mpe o re ho bona: Matsatsi a ntse a atamela, le yona ketsahatso ya pono e nngwe le e nngwe ya mohlolo;
Ha ho le jwalo, ere ho bona: Morena Jehova o re: Ha ho sa tla ba lentswe leha le le leng la ka le sa tla diehiswa; lentswe leo ke le buang, le mpa le tla etsahala: ho rialo Morena Jehova.
Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.
Mme ka baka la takatso ya bona ya ho rua ka lona, ba tla le thetsa ka dipolelo tsa mano; empa kahlolo eo e seng e le kgale ba e abetswe, ha e diehe, mme timelo ya bona ha e robale.