Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 48:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Moabe o nnile a iketla esale le botjheng ba hae, a nna a itulela ditshifeng tsa hae, ha a ka a tshollelwa pitseng e nngwe ka pitseng e nngwe, ha a ka a ya kgolehong; ka baka leo, ho nkga ha hae ho nnile ha eba teng ho yena, monko wa hae ha o a ka wa fetoha.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 “Moabe e iketlile ho tloha botjheng ba yona, e ka veine eo ditshifa tsa yona di qitileng, e sa rokollelweng dinkgong ka ho fapana, le bothopuweng Moabe ha e eso ka e iswa; kahoo boleng ba yona e ntse le ba pele, le monko wa yona ha wa fetoha.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 48:11
16 Referencias Cruzadas  

moya wa rona o se o kgotshe ditshomo tsa baikakasi le dinyediso tsa baikgohomosi.


Modimo o tla nkutlwa, o ba kokobetse, batho bao ba sa bakeng, ba sa tshabeng Modimo, kanthe o dutse teroneng ya wona kamehla le mehla. (Sela.)


Hobane ho kgeloha ha dithoto ke ho di bolayang, ho iketla ha mahlanya ke ho a timetsang.


Re utlwile boikgantsho ba Moabe ya ikgantshang ka ho fetisa, le boikgohomoso ba hae, le boithoriso ba hae, le bohale ba hae, le mashano a hae.


Naha e tla hlobodiswa kahohle, ho phahlwe tsa yona, hobane ke Jehova ya boletseng taba eo.


Thabeng ena, Jehova wa makgotla o tla etsetsa ditjhaba kaofela mokete wa dijo tse hlabosang, mokete wa diveine tse monate tse nkilweng hodima ditshifa, mokete wa dijo tse hlabosang, tsa moko, wa diveine tse nkilweng hodima ditshifa, tse hlwekileng.


Ke buile le wena ho iketleng ha hao, mme wa nna wa re: Nke ke ka mamela. Ke mokgwa wa hao esale le botjheng ba hao, wa ho re ha o na ho mamela lentswe la ka.


Ka baka leo, bonang, ho bolela Jehova, matsatsi a tla ao ke tla roma batsholli ka wona, ba tla mo tsholla, ba tsholle dipitsa tsa hae, ba bolaye makuka a hae.


Re utlwile boikgohomoso ba Moabe, moikgohomosi e moholo, le boikgantsho ba hae, le boikakaso ba hae, le boithoriso ba hae, le ho phahama ha pelo ya hae.


Nebukadresare, morena wa Babilona, o re jele, o re qetile, o re entse lefiso le feela, o re metsitse jwaloka drakone, o ikgorisitse mpa ka menate ya rona, o re lelekisitse.


Ho a hapjwa, ho a hlakolwa, ho a senngwa! Pelo e a qhibidiha, mangwele a tlakasela, matheka kaofela a tshwerwe ke bohloko, difahleho tsohle di saretswe!


Hobane Jehova o tla busa kganya ya Jakobo, e leng kganya ya Iseraele; hobane balobi ba ba lobetse, ba sentse makala a merara ya bona.


Nakong eo, ke tla batlisisa Jerusalema ka mabone, ke kgalemele banna bao ba hwamileng hodima ditshifa tsa bona, ba reng pelong tsa bona: Jehova ha a na ho etsa hantle, leha e le ho etsa hampe.


ke bile ke halefetse ka kgalefo e kgolo ditjhaba tse iketlileng; hobane ke ne ke halefetse setjhaba sa ka hakgutshwanyane, empa tsona tsa tlatsa ho se etsa hampe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos