Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 44:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Na le se le lebetse diketso tse mpe tsa bontata lona, le diketso tse mpe tsa marena a Juda, le diketso tse mpe tsa basadi ba wona, le diketso tse mpe tsa lona, le diketso tse mpe tsa basadi ba lona, tseo ba ileng ba di etsa naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Na le se le lebetse bokgopo ba bo-ntata lona, le bokgopo ba dikgosi tsa Juda, le bokgopo ba basadi ba bona, le bokgopo ba lona le bokgopo ba basadi ba lona, boo ba bo entseng naheng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 44:9
9 Referencias Cruzadas  

Ana dibano tsa lona tseo le neng le ntse le di tjhesa metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, e le lona le bontata lona, le marena a lona le baholo ba lona, le setjhaba sa lefatshe, na Jehova ha a ka a di hopola na? Na ha a ka a elellwa pelong ya hae na?


le ntano tla, le ema pela ka ka tlung ena, eo lebitso la ka le bitswang ho yona, mme le re: Re namoletswe! athe ke hore ho etswe manyala ao kaofela na?


Le reng? Le re, ho utswa, ho bolaya, ho feba, ho ana ka leshano, ho tjhesetsa Baale dibano, le ho tsamaela medimo esele eo le sa e tsebeng, le ka etsa tseo;


Hopola, o se lebale, kamoo o halefisitseng Jehova, Modimo wa hao kateng, feelleng lena; ho qala ka letsatsi leo o tswileng lefatsheng la Egepeta ka lona ho tlisa ho leo le fihlileng ka lona bakeng sena, le nnile la ikgantshetsa Jehova.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos