Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 44:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Mme jwale, ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le etseditseng meya ya lona hampe hakakalo, hore ho be ho kgaolwe ka baka la lona monna le mosadi, ngwana le lesea mahareng a Juda, hore ho se ke ha sala masala a lona?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 “Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Ke ka baka lang ha le itlisetsa koduwa e kaalekaale? Ke ka baka lang ha le ipolaela banna le basadi le bana ba lona ba masea naheng ee ya Juda, le sa itshiele le masalla feela?

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 44:7
28 Referencias Cruzadas  

athe bona ba lalla madi a bona, ba tjheha ho phela ha bona.


Ya hanang tayo o nyedisa moya wa hae; empa ya mamelang kgalemelo o rua bohlale.


Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.


Empa ya ntshikolohang o senya moya wa hae; bohle ba ntlhoileng ba rata lefu.


le se ke la tsamaela medimo esele ho e sebeletsa le ho e kgumamela, le se ke la mphephetsa ka diketso tsa matsoho a lona, mme etlaba ha ke na ho le hlahisetsa bobe.


Empa ha le a ka la nkutlwa, ho bolela Jehova, e le hore le tle le mphephetse ka diketso tsa matsoho a lona, ke tle ke le hlahisetse bobe.


Ana Esekiase, morena wa Juda, le Juda kaofela, ba kile ba mmolaya na? Na ha a ka a tshaba Jehova, a ikwahlaya pela Jehova, Jehova a ba a bakela bobe boo a neng a bo boletse bakeng sa bona na? Haele rona, re be re tla etsetsa meya ya rona bobe bo bokakang!


Dihlong di jele mofufutso wa bontata rona esale le botjheng ba rona, dinku tsa bona le dikgomo tsa bona, bara ba bona le baradi ba bona.


Yaba Jeremia o bolella Tsedekia, a re: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ha o tswa hona jwale ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, moya wa hao o tla phela, le motse ona o ke ke wa tjheswa ka mollo; o tla phela, wena le ntlo ya hao.


Hobane le ithetsa meyeng ya lona, athe le nthomile ho Jehova, Modimo wa lona, ka ho re: Aku re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona; tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bolela, o ke o re tsebise tsona, re di etse.


Ha ho ka ke ha eba ya phonyohang le ya salang ho ba sa setseng ba Juda, ba keneng lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba hopotseng ho boela lefatsheng la Juda, moo dipelo tsa bona di hlolohetsweng ho boela ba ikgahele teng; hobane ha ba sa tla kgutlela teng, haese ba bang ba phonyohang.


Le mphepheleditseng ka diketso tsa matsoho a lona, ka ho tjhesetsa medimo esele dibano lefatsheng la Egepeta, moo le tlileng ho aha teng; hore ho nne ho ikgaole lona, mme le nne le be thohako le nyediso hara ditjhaba tsohle tsa lefatshe?


Ka wena ka pshatla monna le mosadi; ka wena ka pshatla ya hodileng le e motjha; ka wena ka pshatla mohlankana le morwetsana.


Na ba fela ba phephetsa nna, ho bolela Jehova? Ha ke re, ba ipephetsa e le bona, ba tle ba hlabiswe dihlong difahlehong tsa bona?


Hobane lefu le tlolela ka difensetere tsa rona, le kena matlung a kgabileng, ho tla bolaya bana seterateng, le bahlankana mapatlelong.


Mahlo a ka a eba ke ho lla; mala a ka a duma, sebete sa ka se tsholohela fatshe, ka baka la leqeba la moradi wa setjhaba sa ka, ha ngwana le ya anyang ba akgeha mapatlelong a motse.


O bitsitse matsoso a ka ka nqa tsohle, jwaloka hoja ke tsatsi la mokete; ha ho a ka ha eba mophonyohi, leha e le lesiela, tsatsing la kgalefo ya Jehova! bao ke neng ke ba babaletse, ke ba hodisitseng, sera se ba fedisitse.


Ere ho bona: Ke a phela, ho bolela Morena Jehova, ha ke kgahlwe ke lefu la molotsana, ke kgahlwa ke molotsana ha a baka mokgweng wa hae, hore a phele. Bakang, bakang mekgweng e mebe ya lona! Le rata ho shwa ka baka lang, lona ntlo ya Iseraele?


bolayang, le be le timeletse maqheku, le bahlankana, le dikgarebe, le bana ba banyenyane, le basadi; ha e le ba nang le letshwao, le se ke la ba ama; hlong le qale ka sehalalelo sa ka. Yaba ba qala ka banna ba baholo ba leng pela tempele.


O reretse ntlo ya hao dihlong, ka ho rera ho timeletsa ditjhaba tse ngata, o sitetswe moya wa hao.


Dipitsa tsa banna bao ba sitetsweng bophelo ba bona, ho etswe ka tsona makapa a diphara a ho kwahela aletare; hobane di ile tsa hlahiswa pela Jehova; ka baka leo, di kgethehile; e tla nne e be pontsho ho bana ba Iseraele.


Kantle, lerumo le tla bolaya, ka tlung tshoho e tla ba teng; e tla nka mohlankana le morwetsana, lesea le anyang le motho e moputswa.


Ba etsa ntho tsohle tse motseng anathema, banna le basadi, bana le maqheku, le makgomo, le manku, le diesele; ba di timetsa ka bohale ba lerumo.


Hape, le etse hona: Ba batona bohle le ba batshehadi bohle ba tsebileng malao a monna, le ba bolaye.


Eya jwale, o bolaye Baamaleke, mme o neele tsohle tsa bona anathema; o se ke wa ba hauhela, o mpe o bolaye banna le basadi, bana le ba anyang, le dikgomo, le dinku, le dikamele, le diesele.


Le Nobe, motse wa baprista, Saule a bolaya ba teng ka bohale ba lerumo, banna le basadi, le ba batjha, le ba anyang, le dikgomo, le diesele, le dinku; a timetsa tsohle ka bohale ba lerumo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos