Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 43:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, ba nka masala kaofela a Juda a neng a kgutlile ditjhabeng tsohle moo a neng a qhalanyeditswe teng, ho tla aha lefatsheng la Juda;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Empa bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, ba nka masalla wohle a Juda, a neng a kgutletse naheng ya Juda ho tla aha ho yona, a etswa ditjhabeng tsohle tseo a neng a qhalanetse ho tsona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:5
7 Referencias Cruzadas  

Haele setjhaba se kileng sa sala fatsheng la Juda, se tlohetsweng ke Nebukadnesare, morena wa Babilona, a bea Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, hore e be mmusisi wa sona.


Haele nna, bonang, ke ya aha Mitspe ho ema pela Bakalde ba tlang ho rona; mme lona, le bokelle veine le ditholwana le ole, le di bee dipitseng tsa lona; mme le ahe metseng eo le leng ho yona.


Yaba Ishmaele o ya le ba siilweng kaofela ba setjhaba ba neng ba le Mitspe, le baradi ba morena le ba setjhaba kaofela ba neng ba setse Mitspe, bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba beile tisong ya Gedalia, mora Akimane; Ishmaele, mora Nethania, a ya le bona, a tloha teng a lebile nqa naha ya bana ba Ammone.


mme ba tsamaya, ba ya dula tlung ya phapohelo ya Kimhame, maloka le Bethlehema, ba tle ba ntoo ya Egepeta, ka baka la ho tshaba Bakalde,


Morena, monga ka, a ke a mamele taba tsa mohlanka wa hae jwale; ha ekaba ke Jehova ya o tsoseditseng nna, a ke a dumele sehlabelo; haeba ke batho, ba ke ba rohakwe pela Jehova, hobane kajeno ba ntelekile hore ke se ke ka kgomarela tjhaba sa lefa la Jehova; ba re, ke ye, ke sebeletse medimo esele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos