Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 43:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 O tla tla, a senye lefatshe la Egepeta; ya lokelang lefu a ye lefung, ya lokelang kgoleho a ye kgolehong, ya lokelang lerumo a ye lerumong.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Ha a fihla o tla otla naha ya Egepeta, a bolaye ba lokelang ho bolawa, a thope ba lokelang ho thopuwa, ba abetsweng sabole a ba bolaye ka sabole.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 43:11
15 Referencias Cruzadas  

Ke yona kabelo ya molotsana e tswang ho Modimo, le lefa le beetsweng yena ke Modimo.


Etlere ha ba re ho wena: Ana re tswele kae? O ba fetole, o re: Ho itswe ke Jehova: Ba loketsweng ke lefu ba tswele lefung, ba loketsweng ke lerumo ba tswele lerumong, ba loketsweng ke tlala ba tswele tlaleng, ba loketsweng ke kgoleho ba tswele kgolehong.


Hobane Jehova, Modimo wa Iseraele, o mpoleletse, a re: Nka senwelo sena sa veine ya kgalefo se letsohong la ka, o tle o se nose ditjhaba kaofela tseo ke o romelang ho tsona;


le Faro, morena wa Egepeta, le bahlanka ba hae, le matona a hae, le setjhaba sa hae kaofela;


Jwale he, le ke le itsebele hobane le tla shwa ke lerumo, le tlala, le lefu la sewa, nqalong eo le ithatetseng ho ya aha teng.


Ke tla tshwara ba setseng ba Juda ba pheheletseng ho kena lefatsheng la Egepeta ho tla aha teng, ba timele kaofela; ba tla wa lefatsheng la Egepeta, ba timele ke lerumo le tlala, ho qala ka e monyenyane ho isa ho e moholo, ba shwe ke lerumo le tlala, ba etswe thohako, le sebabatso le manyala, le hlapa.


Ke tla otla ba ahileng lefatsheng la Egepeta, jwalokaha nkile ka otla Jerusalema ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa.


Ha ho sa tla hata teng leoto la motho, ha ho tlhako ya kgomo e tla tsamaya teng, mme ha e ka ke ya ahuwa ka dilemo tse mashome a mane.


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Yaba ka re: Ha ke sa tla di alosa! E shwang e shwe; e timelang e timele; haele tse salang, a di ke di je e nngwe le e nngwe nama ya e nngwe.


Ya isang ba bang kgolehong, o tla ya kgolehong le yena; mme ekare ha motho a bolaya ka lerumo, e ka kgona le yena a bolawe ka lerumo. Ke moo ho tla bonahala mamello le tumelo ya bahalaledi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos