Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 42:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba araba Jeremia, ba re: Jehova e ke e be yena paki ya nnete, e tshepehang ya rona, ha re sa etse ka lentswe le leng le le leng leo a tla o roma ho rona ka lona, hore re le etse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Bona ba re ho Jeremia: “Morena e be yena paki ya nnete, e tshepahalang, e tla re ahlola, haeba re ke ke ra hlompha ditaelo tsohle tseo Morena Modimo wa hao, a tlang ho di romela ho rona ka wena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 42:5
17 Referencias Cruzadas  

hore, ha o ka hlokofatsa baradi ba ka, kapa o ka nka basadi ba bang kantle ho baradi ba ka, hase motho ya tla ba le rona; o iponele, Modimo ke wona o tla ba paki ho nna le wena.


Ba re ho Moshe: Wena, bua le rona, mme re tla mamela, Modimo o mpe o se ke wa bua le rona, ra tshoha re eshwa.


O se ke wa tlaela ka lebitso la Jehova, Modimo wa hao, hobane Jehova a ke ke a latola molato wa ya tlaelang ka lebitso la hae.


Hobane le ithetsa meyeng ya lona, athe le nthomile ho Jehova, Modimo wa lona, ka ho re: Aku re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona; tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bolela, o ke o re tsebise tsona, re di etse.


Asaria, mora Hosea, le Johanane, mora Karea, le batho ba baikgohomosi kaofela, ba bolella Jeremia, ba re: O bolela leshano; Jehova, Modimo wa rona, ha a ka a o roma, hore o re: Le se ke la ya Egepeta ho aha teng.


Ha ba ka ba utlwa lentswe la Jehova, e le yena Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, le setjhaba kaofela, la hore ba nne ba ahe lefatsheng la Juda.


Leha ba re: Jehova o a phela, leha ho le jwalo, ba ana ka leshano.


Utlwang, lona ditjhaba kaofela! Sekeha tsebe, wena lefatshe le seo o tletseng sona, Morena Jehova e be yena ya pakang tsa lona, Morena a le tlung ya hae e kgethehileng!


Mme le re: Ke ka baka lang? Ke kahobane Jehova ke paki mahareng a hao le mosadi wa botjha ba hao, eo o entseng ho yena ka bolotsana, athe ke molekane wa hao le mosadi wa selekane sa hao.


Ke tla atamela ho lona ho etsa kahlolo, ke be paki e akofang hodima baloi, le bafebi, le ba hlapanyang ka leshano, le ba jang moputso wa ya sebetsang, le ba jang mosadi wa mohlolohadi le kgutsana, le ba hlorisang moditjhaba, ba sa ntshabe, ho bolela Jehova wa makgotla.


Hobane Modimo oo ke o sebeletsang moyeng wa ka Evangeling ya Mora wa wona, ke wona paki ya ka ha ke re, ha ke lese ho le hopola,


le ke Jesu Kreste, paki e tshepehang, letsibolo la tsoho ya bafu, le Morena wa marena a lefatshe!


Ngolla le lengeloi la kereke ya Laodisea, o re: Ke tsena tse bolelwang ke eo e leng Amen, paki e tshepehang, ya nnete, hlooho ya dibopuwa tsa Modimo:


Baholo ba Gileade ba re ho Jafeta: Jehova a ke a re utlwe dipuong tsa rona; kannete re tla etsa kamoo o boletseng kateng.


A re ho bona: Jehova ke paki, le motlotsuwa wa hae ke paki kajeno pela lona ya hobane ha le a ka la fumana letho matsohong a ka. Yaba ba re: Ke dipaki.


Jonathane a re ho Davida: eya ka kgotso; re hlapantse ba babedi ka lebitso la Jehova hore Jehova o tla ba mahareng a ka le wena, le mahareng a bana ba ka le bana ba hao ka ho sa feleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos