Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 42:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 hore Jehova, Modimo wa hao, a tle a re supise tsela eo re tshwanetseng ho tsamaya ka yona le seo re tshwanetseng ho se etsa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Rapela hore Morena Modimo wa hao, a re tsebise moo re lokelang ho ya teng, le seo re lokelang ho se etsa.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 42:3
13 Referencias Cruzadas  

o ke o mamele, o le mahodimong; o leballe bahlanka ba hao tshito ya bona le ya setjhaba sa hao sa Iseraele; o ba rute tsela e ntle, eo ba tshwanetseng ho tsamaya ka yona; o nese pula lefatsheng leo o le neileng setjhaba sa hao, e be lefa la sona.


Yare re sa le nokeng ya Ahava, ka bolela tsatsi la ho itima dijo, re tle re ikokobetse pela Modimo wa rona, hore re ikopele ho wona leeto le letle la rona, le la bana ba rona, le la ntho tsohle tsa rona.


Jehova, o mpontshe tsela ya hao, o ntsamaise tseleng e lokileng, ka baka la bao e leng dira ho nna.


Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao!


O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyoloheleng thabeng ya Jehova, ka tlung ya Modimo wa Jakobo, o tle o re rute mekgwa ya wona, re tsamaye ditseleng tsa wona; hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


Ditjhaba tse ngata di tla ya, di re: Tloong, re nyolohele thabeng ya Jehova, tlung ya Modimo wa Jakobo, a tle a re rute ditsela tsa hae, re tsamaye ka mmila ya hae. Hobane molao o tla tswa Sione, lentswe la Jehova le tswe Jerusalema.


Hobane motho ke ofe ya utlwileng lentswe la Modimo o utlwang, o buang o le hara mollo, jwalokaha re le utlwile, mme a phela?


Oho! hoja ba ka ba le pelo e jwalo kamehla, ya ho ntshaba, le ya ho boloka ditaelo tsa ka tsohle kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng!


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos