Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 40:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Haele wena, bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a matsohong a hao; leha o ka rata ho tla le nna Babilona, o ka tla, ke tla nne ke o ele sedi; empa ha ekaba o sa rate ho tla le nna Babilona, o ka lesa. Tadima, naha kaofela e pela hao, moo ho ka bang molemo, ho leng hotle ho wena ho ya teng, o ka ya.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 Empa bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a neng a le matsohong a hao. Haeba o bona ho lokela hore o ye le nna Babilona, a re ye, mme ke tla o hlokomela haholo. Empa haeba o bona ho sa lokele ho ya le nna Babilona, le teng o ka itulela. Bona mona, o ka ikela hohle moo o ratang ho ya teng naheng ena eo o leng ho yona.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 40:4
8 Referencias Cruzadas  

Ha ke re, naha kaofela e pela hao na? Kgaohana le nna; ha ekaba o leba ka ho le letshehadi, nna ke tla leba ho le letona, mme ha o ka nka ho le letona, nna ke tla nka ho le letshehadi.


Abimeleke a ba a re: Bona, naha ya ka e pela hao; ikahele moo o ithatelang.


Wa re ho bahlanka ba hao: Mo tliseng ho nna, ke tle ke mmone ka mahlo a ka.


Naha ya Egepeta e pela hao; bea ntatao le banabeno naheng e fetisang ka botle, o ba bee naheng ya Goshene, mme ha o tseba banna ba mahlahahlaha hara bona, o ba bee bahlahlobi ba mehlape ya ka.


Mme morena a re ho Hamane: Ditjhelete tseo di neilwe wena, o neilwe le setjhaba seo, o tle o etsa ka sona kamoo o ratang kateng.


Jeremia a re: Leshano! Ha ke ye ho ineela Bakalde. Empa eo ha a ka a mo dumela. Yaba Jireja o tshwara Jeremia, a mo tlisa ho baholo.


O nkopetse hare hore ke tle ke se ke ka tswa, ditlamo tsa ka o di entse boima.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos