Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 40:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hape, le Bajuda kaofela ba neng ba le Moabe, le setjhabeng sa bana ba Ammone, le Edomo, le ba neng ba le mafatsheng wohle a kamathoko, ba utlwa hobane morena wa Babilona o sietse Juda masala, le hobane o beile Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, modisa wa bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Eitse ha Bajuda bohle ba neng ba le naheng ya Moabe, le ba phelang hara Baamone le Edomo, le ba neng ba phela dinaheng tse ding tsohle, ba utlwa hore kgosi ya Babilona e siile masalla a Juda, le hore e kgethile Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore e be mmusi wa bona,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 40:11
23 Referencias Cruzadas  

Yaba Esau o ya aha thabeng ya Seire. Esau ke yena Edomo.


Ba tla fofela nqa bophirimatsatsi ka mahetla a Bafilesta: hammoho ba tla patela bara ba botjhabela, ba tshware Edomo le Moabe, bana ba Ammone ba buswe ke bona.


Ba lelekilweng ba Moabe ba jake haeno, o be qhobosheane ya bona pela mosenyi, ho fihlela mohlorisi a kgutla, tshenyo e fela, mme ba hatakelang setjhaba ba fela lefatsheng.


Ke tla ba neela ho tsukutlwa le ho tshwenyeha mebusong yohle ya lefatshe, e tle e be nyediso, le pontsho, le sesomo, le thohako nqalong tsohle moo ke tla ba qhalanyetsa teng.


Yaba Ishmaele o ya le ba siilweng kaofela ba setjhaba ba neng ba le Mitspe, le baradi ba morena le ba setjhaba kaofela ba neng ba setse Mitspe, bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba beile tisong ya Gedalia, mora Akimane; Ishmaele, mora Nethania, a ya le bona, a tloha teng a lebile nqa naha ya bana ba Ammone.


Yaba Johanane, mora Karea, le balaodi kaofela ba makgotla, ba nka masala kaofela a Juda a neng a kgutlile ditjhabeng tsohle moo a neng a qhalanyeditswe teng, ho tla aha lefatsheng la Juda;


e le banna, le basadi, le bana, le baradi ba morena, le batho bohle bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba siile ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, le yena moporofeta Jeremia, le Baruke, mora Neria;


Egepeta, Juda, Edomo, bana ba Ammone, le Moabe, le bohle ba ipeolang hlafunelo, ba ahileng mafeelleng, hobane ke ditjhaba tse sa bolleng kaofela, mme le yona ntlo yohle ya Iseraele ha e a bolla pelo.


Morena Jehova o re: Erekaha Baedomo ba entse phetetso e thata ka ntlo ya Juda, ba ikentse molato haholo ka ho iphetetsa ho yona,


Mora motho, retelletsa sefahleho sa hao nqa ho bana ba Ammone, o ba porofetele;


Hobane Morena Jehova o re: Erekaha o opile ka diatla le ho tila ka leoto, mme wa thabela kgeso ya lefatshe la Iseraele ka moya wohle wa hao,


Morena Jehova o re: Erekaha Moabe le Seire ba itse: Bonang, ntlo ya Juda e tshwana le ditjhaba tsohle;


Dinku tsa ka di lelera dithabeng tsohle le maralleng wohle a phahameng; dinku tsa ka di qhalane lefatsheng lohle, ho se ya di botsang, ho se ya di batlang.


Jwalokaha o ne o thabele lefa la ntlo ya Iseraele, kamoo le neng le senyehile kateng, ke tla o etsa jwalo; o tla fetoha lefeella, wena thaba ya Seire, le Edomo kaofela ha hae; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Erekaha o ne o hloile bana ba Iseraele ka hloyo e sa feleng, wa ba wa ba neela lerumo, mohla kotlo ya bona, mohla e seng e le bofelo ba bokgopo ba bona,


Boraro ba lona bo tla shwa ke lefu la sewa, kapa bo timele ke tlala hona ha eno; boraro bo bong bo tla dihuwa ke lerumo mathokong a hao; mme boraro bo bong ke tla bo qhalanyetsa ka nqa tsohle, ke bo phallele ke tsomotse lerumo.


Moriring oo, o tla nka qoba di se kae, o tla di tlamella melekeng ya kobo ya hao;


Bana ba Iseraele ba tloha, mme ba emisa mahwatateng a Moabe, mose wane ho Jordane, mabapa le Jeriko.


Iseraele a duladula Sittime, mme setjhaba sa qala teng ho etsa bohlola le baradi ba Moabe.


Ba biletsa setjhaba mahlabelong a medimo ya bona; setjhaba sa eja, mme sa kgumamela medimo ya bona.


Mohlang oo, Nahashe, Moammone, a tla thibella Jabeshe-Gileade; banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: Hlaba selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.


Le mohla le boneng Nahashe, morena wa bana ba Ammone, a etla a hlometse, la re ho nna: Tjhe, e ka kgona re buswe ke morena; athe Jehova, Modimo wa lona, e ne e le yena morena wa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos