Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ke a tadima, mme bonang, Karmele o fetohile nahathothe, metse yohle ya teng e heleditswe pontsheng ya Jehova ke bohale bo tjhesang ba hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Ka boela ka tadima, ka bona masimo e le mehola, metse yohle ya moo e fetohile masupi, e heleditswe ke Morena ka kgalefo e tlokomang.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:26
15 Referencias Cruzadas  

Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.


Wena, o a tshabeha. Ke mang ya ka emang pela hao, ha o qala ho halefa?


Ba lemile koro, mme ba kotula meutlwa; ba ikgathaditse, mme ha ba kotule letho. Ebang le dihlong ho kotuleng ha lona, ka baka la kgalefo e tjhesang ya Jehova.


Lefatshe le tla nne le lle ho le hokae, jwang ba dinaha tsohle bo omelle ho isa kae na? Ka baka la bolotsana ba baahi ba lona, diphoofolo le dinonyana di timetse, hobane ba re: A ke ke a bona bofello ba rona.


Lefatshe lena lohle le tla etswa tshenyeho le makatso, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa morena wa Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.


Mme metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke tla kgutsisa lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane lefatshe le tla be le entswe lesupi.


Ke tla phahamisa dillo le pokollo dithabeng, le makgulong a lefeella ke bine kodiyamalla, hobane a tjhesitswe, ha ho sa le motho ya fetang teng, ha ho sa utluwa dillo tsa mehlape; dinonyana tsa lehodimo le diphoofolo di balehile, di ile.


Morena o tenehile ke aletare ya hae, sehalalelo sa hae ya eba manyala ho yena; o neetse mabota a matlo a hae a borena matleng a sera. Ba phahamisitse mantswe a bona ka tlung ya Jehova, jwalokaha ho etswa ka tsatsi la mokete.


Ke tla senya metse ya lona, ke e etse dithako; ke tla sohlokanya dihalalelo tsa lona, mme ha ke sa tla hlola ke fofonela dibano tsa lona tse monko o monate.


Ka baka leo, ka molato wa lona, Sione o tla lengwa jwaloka tshimo, Jerusalema a fetohe diqubu tsa majwe, le thaba ya ntlo ya Jehova e fetohe thaba ya meru.


Leha e le silifera ya bona, leha e le kgauta ya bona, di ke ke tsa tseba ho ba namolela tsatsing la kgalefo ya Jehova; mme ka mollo wa poulelo ya hae, lefatshe lohle le tla tjheswa, hobane o tla fedisa, a be a timeletse baahi bohle ba lefatshe ka sehloho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos