Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ba romela ho ntsha Jeremia lebaleng la ntlo ya teronko, ba mmea ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a tle a mo nkele ha hae. Mme Jeremia a nna a sala hara setjhaba.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 ba laela hore ho ntshwe Jeremia ka lebaleng la tjhankana, ba neelane ka yena ho Gedaleya, mora wa Ahikama, setloholo sa Shafane, hore a ye le yena lapeng ha hae. Jeremia a nna a phela hara setjhaba sa habo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:14
18 Referencias Cruzadas  

Morena a laela moprista Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Akbore, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia, mohlanka wa morena, a re:


Ebile moprista Hilkia, le Akikame, le Akbore, le Shafane, le Asaia ba ya ho moporofeta Hulda, mosadi wa Shallume, mora Thikva, mora Harhase, mmoloki wa diaparo. O ne a ahile Jerusalema, karolong e nngwe ya motse. Ha ba mmoleletse,


mme morena a laela Hilkia, le Akikame, mora Shafane, le Abdone, mora Mikea, le Shafane, mongodi, le Asaia mohlanka wa morena,


ho fihlela mohla taba tseo a neng a di boletse di hlahang, mme lentswe la Jehova la mo leka.


Yaba morena Jojakime o romela batho Egepeta, a roma Elnathane, mora Akbore, a ena le ba bang ho ya Egepeta.


Empa letsoho la Akikame, mora Shafane, la emela Jeremia, hore a se ke a neelwa matsohong a setjhaba ho bolawa.


Makgotla a morena wa Babilona a ne a thibeletse Jerusalema, mme moporofeta Jeremia o ne a kwaletswe lebaleng la teronko e neng e le ka tlung ya morena wa Juda;


Yaba morena Tsedekia o laela hore Jeremia a bewe lebaleng la teronko, a newe ka tsatsi le leng le le leng polokwe ya bohobe e tswang seterateng sa diapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng. Mme Jeremia a hlola lebaleng la teronko.


Yaba ba hula Jeremia ka marapo, ba mo nyolla lemeneng; mme Jeremia a dula lebaleng la ntlo ya teronko.


Jeremia a nna a dula lebaleng la ntlo ya teronko, ho fihlela tsatsi leo Jerusalema a kenwang ka lona; o ne a ntse a le teng, ha Jerusalema a kenwa.


Yaba Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ba ena le Nebushasbane, molaodi wa maqhalaha, le Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le balaodi kaofela ba morena wa Babilona,


Lentswe la Jehova la tla ho Jeremia, ha a ntse a le lebaleng la ntlo ya teronko, la re:


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, hobane Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a mo kgutlisa Rama, kamoo a neng a ile le yena kateng, a mo tlamile ka mahlaahlela, a le hara ba tshwerweng kaofela ba Jerusalema le ba Juda ba iswang kgolehong Babilona.


A sa diehile ho araba, eo a re: Hlo o kgutlele ho Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, eo morena wa Babilona a mmeileng ho disa metse ya Juda, o ikahele le yena hara setjhaba, kapa hohle moo ho ka bang hotle ho wena ho ya teng, o ka ya. Yaba molaodi wa balebedi o mo nea mofaho le dimpho, mme a mo fa tsela.


Jeremia a ya ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a dula teng ho yena hara setjhaba se setseng lefatsheng la Juda.


Balaodi kaofela ba makgotla a leng naheng, ba ena le batho ba bona, eitse ha ba utlwa hobane morena wa Babilona o beile Gedalia, mora Akikame, ho disa lefatshe, le hobane o beile matleng a hae banna, le basadi, le bana, le ba banyenyane ba lefatshe, ba neng ba sa ka ba iswa kgolehong, Babilona;


Ka kgwedi ya bosupa, Ishmaele, mora Nethania, mora Elishama, wa leloko la borena, tona ya morena, a tla ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a ena le batho ba leshome, mme ba dula teng dijong hammoho, Mitspe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos