Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 39:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Mo nke, o mo ele sedi; o se ke wa mo etsa letho le lebe; o mpe o mo etse jwalokaha a ka o bolella.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “Mo nkeng le mo hlokomele, le se ke la mo etsa hampe, le mpe le mo etsetse tsohle tseo a tla le kopa tsona.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 39:12
12 Referencias Cruzadas  

Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.


O le tadimelang, haele moo le tla feta kapele? Le tla mela mapheo ruri, le rurele hodimo jwaloka ntsu.


Jehova o re: Kannete ke tla o hlahisetsa molemo, ke tla etsa hore sera se tle se o rapele tsatsing la tsietsi le tsatsing la tlokotsi!


Mme ke tla nne ke o namolele matsohong a ba babe, ke o lwele matleng a bahale.


Ke tla ba tadima ka leihlo le letle, ke ba busetse lefatsheng lena, ke ba ahise, ke se ke ka ba senya; ke ba hlome, ke se ke ka ba epolla.


Yaba Nebusaradane, molaodi wa balebedi, ba ena le Nebushasbane, molaodi wa maqhalaha, le Nergale-Sharetsere, motsamaisi wa ba bohlale, le balaodi kaofela ba morena wa Babilona,


Haele wena, bona, kajeno ke lokolla mahlaahlela a matsohong a hao; leha o ka rata ho tla le nna Babilona, o ka tla, ke tla nne ke o ele sedi; empa ha ekaba o sa rate ho tla le nna Babilona, o ka lesa. Tadima, naha kaofela e pela hao, moo ho ka bang molemo, ho leng hotle ho wena ho ya teng, o ka ya.


leha ba ya kgolehong, ba qhojwa ke dira tsa bona, le teng ke tla laela lerumo hore le ba bolaye; mme ke tla ba tjamela ho ba etsa hampe, e seng ho ba etsa hantle.


wa mo lokolla mahlomoleng a hae kaofela; mme wa mo nea bohlale le ho kgahlisa Faro, morena wa Egepeta, eo a ba a mmea mmusisi wa Egepeta le wa ntlo ya hae yohle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos