Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 38:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Basadi ba hao kaofela le bana ba hao ba tla iswa ho Bakalde, le wena o tla sitwa ho phonyoha matsohong a bona, o mpa o tla tshwarwa ke letsoho la morena wa Babilona, mme motse ona o tla tjheswa ka mollo ka baka la hao.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 “Basadi ba hao bohle le bana ba hao, ba tla newa Bakalatiya. Wena ha o ka ke wa phonyoha matsohong a bona, o tla thopuwa ke kgosi ya Babilona. Ke baka la hao motse ona o tla tjheswa ka mollo.”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 38:23
18 Referencias Cruzadas  

Bara ba Tsedekia ba bolawa pela mahlo a hae; Tsedekia a ntoo phunngwa mahlo, a tlangwa ka mahlaahlela a koporo, mme a iswa Babilona.


Hobane ke emisetsa motse ona sefahleho sa ka ka bobe, e seng ka botle, ho bolela Jehova; o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, hore a tle a o tjhese ka mollo.


mme Tsedekia, morena wa Juda, ha a ka ke a phonyoha matsohong a Bakalde, empa o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa eno, le mahlo a hae a bone mahlo a eno.


Mme wena, o ke ke wa phonyoha matsohong a hae, o mpa o tla tshwarwa, o neelwe matsohong a hae; mahlo a hao a tla bona mahlo a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa hao, mme o tla ya Babilona.


mme Bakalde ba tla boya, ba lwantshe motse ona; ba tla o kena, ba o tjhese ka mollo.


Empa ha o sa tswe ho ya ineela balaodi ba morena wa Babilona, motse ona o tla neelwa matleng a Bakalde, ba o tjhese ka mollo; le wena o ke ke wa phonyoha matsohong a bona.


Tsedekia a re ho Jeremia: Ho se ke ha eba motho ya tsebang taba tseo, mme o ke se ke wa shwa.


Yaba makgotla a Bakalde a ba phallela, mme ba fihlela Tsedekia mahwatateng a Jeriko; ba mo tshwara, ba mo tlisa ho Nebukadresare, morena wa Babilona, Ribla, lefatsheng la Hamathe; a ahlolwa teng.


Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, Ribla; le baholo kaofela ba Juda morena wa Babilona a ba bolaya.


Yaba Ishmaele o ya le ba siilweng kaofela ba setjhaba ba neng ba le Mitspe, le baradi ba morena le ba setjhaba kaofela ba neng ba setse Mitspe, bao Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a neng a ba beile tisong ya Gedalia, mora Akimane; Ishmaele, mora Nethania, a ya le bona, a tloha teng a lebile nqa naha ya bana ba Ammone.


Matlo a bona a tla ruwa ke baditjhaba, le wona masimo le basadi hammoho, mohla ke otlollang letsoho la ka ho baahi ba lefatshe, ho bolela Jehova.


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


Eo a mpa a mo kwenehela ka ho romela manqosa Egepeta, hore a fuwe dipere le setjhaba se seholo teng. Ya entseng hoo na o tla atleha na? Na o tla phonyoha na? O tlotse selekane; a ka phonyoha na?


Hoo ke neng ke ho bona, ho ne ho na le ponahalo e kang ya seo ke na beng ke se bone mohla ke tlang ho timetsa motse; tse bonwang di ne di na le ponahalo e kang ya tseo ke na beng ke di bone nokeng ya Kebare; yaba ke ikakgela fatshe ka sefahleho.


Le se ke la etsa taba e ka tlosang leloko la matlo a Bakehathe mahareng a Balevi,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos