Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 34:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Le yena Tsedekia, morena wa Juda, le mahosana a hae, ke tla ba neela matsohong a ba batlang bophelo ba bona le matsohong a makgotla a morena wa Babilona, a tswa le kgutlela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 “Ke tla neelana ka Sedekiya, kgosi ya Juda, le mahosana a hae, matsohong a dira tsa bona le matsohong a ba batlang ho ba bolaya, e leng matsohong a bahlabani ba kgosi ya Babilona ba ileng ba kokotoloha, ba kgutlela hae.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 34:21
16 Referencias Cruzadas  

Ba tshwara morena, ba mo tlisa ho morena wa Babilona, Ribla, mme a ahlolwa teng.


Ke tla o neela matsohong a ba batlang bophelo ba hao, le matsohong a bao o thothomelang pela bona, le matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, le matsohong a Bakalde.


moo Tsedekia, morena wa Juda, a neng a mo kwaletse teng, ka ho re: O ntse o porofetelang, ha o re: Ho itswe ke Jehova: Bonang, ke ya neela motse ona matsohong a morena wa Babilona, a tle a o kene;


mme Tsedekia, morena wa Juda, ha a ka ke a phonyoha matsohong a Bakalde, empa o tla neelwa matsohong a morena wa Babilona, molomo wa hae o bue le molomo wa eno, le mahlo a hae a bone mahlo a eno.


Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, Ribla; le baholo kaofela ba Juda morena wa Babilona a ba bolaya.


ho itswe ke Jehova: Bonang, ke neela Faro-Hofra, morena wa Egepeta, matleng a dira tsa hae le matleng a ba batlang bophelo ba hae, jwalokaha nkile ka neela Tsedekia, morena wa Juda, matleng a Nebukadresare, morena wa Babilona, e neng e le sera ho yena se batlang bophelo ba hae.


Morena wa Babilona a bolaya bara ba Tsedekia pontsheng ya hae, le baholo bohle ba Juda a ba bolaela Ribla.


Makgotla a Bakalde a phallela morena, a ba a fihlela Tsedekia lehwatateng la Jordane; yaba makgotla a hae kaofela a mo qhalanela.


Eo e neng e le phefumoloho ya dinko tsa rona, e leng motlotsuwa wa Jehova, o tshwasitswe lemeneng la bona, e le eo re neng re re, re tla phela moriting wa hae hara ditjhaba.


Ere ho ntlo eo ya bahanyetsi: Na ha le tsebe tse tshwantshwang ka taba tseo? Ere: Bonang, morena wa Babilona o ne a tle Jerusalema, a tshwara morena le mahosana teng, a ya le bona Babilona.


Ke a phela, ho rialo Morena Jehova: o tla shwela nqalong yona eo moo ho phelang eo a entsweng morena ke yena, eo a kgesitseng kano ya hae, eo a tlotseng selekane sa hae, o tla shwela hona moo ha hae, Babilona.


Ke tla mo alla letlowa la ka, a tle a tshwaswe sefing sa ka, mme ke tla mo isa Babilona; teng, ke tla isana nyeweng le yena ka baka la bolotsana boo a nketseditseng bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos