Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 34:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ba mpa ba ntoo kweneha, mme ba lata bahlanka ba batona le bahlanka ba batshehadi bao ba neng ba ba lesetse ba ikela, ba boela ba ba bea bafo le makgabunyane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Empa hamorao ba kweneha, ba etsa hore makgoba le makgabunyane a neng a se a lokolotswe, a kgutle, e be makgoba le makgabunyane hape.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 34:11
25 Referencias Cruzadas  

Haele ba kgelohang, ba yang ka ditsela tse tswedikaneng, Jehova a ke a ba timetse hammoho le ba sebetsang bokgopo! Kgotso e be ho Iseraele!


Ditaba tsa molomo wa hae ke bokgopo le thetso, o lesitse ho hlalefa le ho etsa botle.


Empa eitse ha Faro a bona hobane ho kgaoditswe, a ithatafatsa pelo, a se ke a ba mamela, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Yaba Faro o bitsa Moshe le Aarone, a re: Rapelang Jehova hore a tlose dihohwana ho nna le ho setjhaba sa ka; ke tswe ke lokolla setjhaba, se tle se ye ho etsetsa Jehova mahlabelo.


Rapelang Jehova hore ho se ke ha hlola ho eba diaduma tsa Modimo, kapa sefako; ke tla le lokolla le ye, mme ha le sa tla hlola le thibelwa.


Jwaloka ha ntja e boela mahlatseng a yona, lewatla le boela jwalo bowatleng ba lona.


Erekaha kahlolo e ahlolang mesebetsi yohle e kgopo e sa phakise ho etsahala, kahoo pelo tsa bana ba batho di ntse di tlala takatso ya ho etsa hampe.


Mme ha dumela baholo kaofela le setjhaba kaofela ho kena selekaneng sa ho lesela e mong le e mong mofo wa hae, e mong le e mong lekgabunyane la hae, hore ba ikele, ho se be ya ka hlolang a ba rua; ba dumela teng, ba ba lesela.


Yaba lentswe la Jehova le tla ho Jeremia, la re:


Le mpa le boetse le fetohile, le silafaditse lebitso la ka, le boetse le latile e mong le e mong mofo wa hae, e mong le e mong lekgabunyane la hae, bao le neng le kile la ba lesela ba ikela ka ho rata ha bona; le boetse le ba latile hore e be bafo ba lona le makgabunyane a lona.


Le yena Tsedekia, morena wa Juda, le mahosana a hae, ke tla ba neela matsohong a ba batlang bophelo ba bona le matsohong a makgotla a morena wa Babilona, a tswa le kgutlela.


Makgotla a Faro a ne a tswile Egepeta; Bakalde ba neng ba thibella Jerusalema ba ne ba utlwile taba tseo, mme ba ne ba tlohile pela Jerusalema.


Ke tla o etsang, Efraime? Ke tla o etsang, Juda? hobane lerato la lona le jwaloka mohodi wa hosasa, le jwaloka phoka e tlohang kapele.


Ba kgutla, empa e seng ho ya ho Ya hodimo. Ba jwaloka seqha se sa tshepeheng. Marena a bona a tla dihuwa ke lerumo ka baka la boithoriso ba maleme a wona. Ba tla songwa kahoo lefatsheng la Egepeta.


le ba furaletseng Jehova, le ba sa batleng Jehova, ba sa mo hlokomeleng.


Athe ha motho a fumana sera sa hae, a ke ke a se dumella sa ya se iketlile. Jehova a o etse hantle bakeng sa seo o nkentseng sona kajeno.


Ebile Saule o re: Ke sitilwe; boya, Davida, mora ka, hobane ha ke sa tla hlola ke o etsa hampe, ka baka la hobane bophelo ba ka bo bile thata mahlong a hao kajeno lena; bona, ke entse ka bothoto, ke fositse haholoholo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos