Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 33:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Ho itswe ke Jehova, ya tla etsa tseo, Jehova ya di lokisang, hore a tle a di sebetse, eo Jehova e leng lebitso la hae:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

2 “Morena ya entseng lefatshe, ya le bopileng a ba a le tsitsisa, eo lebitso la hae e leng Morena, o bua tjena:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 33:2
21 Referencias Cruzadas  

Etlare ha Jehova a tsosa Sione, o tla hlaha kganyeng ya hae;


Bakeng sa Sione ho tla thwe: E mong le e mong o tswaletswe teng. Mookamedi ya phahameng ke yena ka sebele ya o tiisang.


Jehova ke mohale, Jehova ke lebitso la hae.


Ka na ka iponahatsa ho Abrahama, le ho Isaaka, le ho Jakobo, ke le Modimo o matla wohle, empa ke ne ke sa tsejwe ke bona ka lebitso la ka la Jehova.


Ho tla thweng ho ba romilweng ke setjhaba? Ho tla thwe: Jehova o theile Sione, ba madimabe ba setjhaba sa hae ba tshabetse teng.


Hleka ha o a ka wa utlwa hobane kgale ke entse taba eo, ke e rerile mehleng ya boholoholo na? Jwale, ke a e hlahisa, le wena o mona hore o fedise metse e marako, o e fetole diqubu tsa dithako.


Ke nna Jehova, ke lona lebitso la ka, nke ke ka nea e mong kganya ya ka, nke ke ka nea ditshwantsho thoko e ntshwanelang.


Empa jwale, ho itswe ke Jehova, moetsi wa hao, Jakobo, le mmopi wa hao, Iseraele: Se tshabe, hobane ke o lopolotse, ke o bitsitse ka lebitso la hao, o wa ka!


Setjhaba seo ke iketseditseng sona se tla bolela dithoko tsa ka.


Le se ke la mo fa sebaka, a be a tsose Jerusalema, a mo etse motse o roriswang lefatsheng!


Eo e leng kabelo ya Jakobo, ha a jwaloka tseo, hobane ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke setjhaba sa lefa la hae; Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


Ka baka leo, bonang, jwale ke ba tsebisa letsoho la ka le matla a ka, ruri ke tla nne ke ba tsebise wona, mme ba tla tseba hobane lebitso la ka ke Jehova.


O etsa mohau ho isa melokong e sekete, o busetsa bokgopo ba bontata bana sefubeng sa bana ba bona ba ba hlahlamang. Ke wena Modimo o moholo, o matla, oo lebitso la wona e leng Jehova wa makgotla.


Eo e leng kabelo ya Jakobo ha a jwaloka tseo, ke ya bopileng dintho tsohle, mme Iseraele ke kabelo ya lefa la hae: Jehova wa makgotla ke lebitso la hae.


athe ke yena ya entseng Selemela le Makolobe; ya fetolang lefifi lesedi la hosasa, le motshehare o o fetola lefifi; o bitsa metsi a lewatle, mme o a tshollela hodima lefatshe; Jehova ke lebitso la hae;


O haha matlo a hae a phahameng lehodimong; o bea lehodimo ho ba marulelo a hae hodima lefatshe; o bitsa metsi a lewatle, a a tshollele hodima lefatshe: lebitso la hae ke Jehova.


hobane o ne a lebeletse motse o nang le motheo, oo Modimo e leng mohahi le mothei wa wona.


Empa jwale, ba lakatsa lehae le fetisang ka molemo, e leng la lehodimo; ke ka baka leo Modimo o se nang dihlong tsa ho ipitsa Modimo wa bona; hobane o ba lokiseditse motse.


Yaba le nkisa ka moya hodima thaba e kgolo, e phahamileng, la ntoo mpontsha motse o moholo, Jerusalema ya halalelang, o theoha lehodimong ho Modimo,


Yaba ke bona motse o halalelang, Jerusalema e motjha, o theoha lehodimong ho Modimo, o itokisitse jwaloka monyaduwa ya itlhophiseditseng monna wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos