Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:41 - Sesotho 1909/1961 (SO)

41 Ke tla ithabella bona ho ba etsa hantle; ke ba hlome lefatsheng lena kannete, ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

41 Ke tla thabiswa ke ho se etsetsa tse molemo. Ke tla se tsitsisa naheng ena ka pelo ya ka yohle le ka moya wa ka wohle.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:41
16 Referencias Cruzadas  

O ne o fothole morara Egepeta, wa lelekisa ditjhaba, mme wa o hloma;


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.


Hobane jwalokaha mohlankana a nyala morwetsana, bara ba hao ba tla o nyala; mme jwaloka ha monyadi a thabela monyaduwa, Modimo wa hao o tla o thabela.


Ke tla etsa Jerusalema thabo ya ka, setjhaba sa ka ke se etse lehlohonolo la ka; lentswe la dillo ha le sa tla hlola le utlwahala teng, leha e le lentswe la pokollo.


Ekare ha ke bolela setjhaba kapa mmuso, hore ke tla se ahisa le ho se hloma,


Ke tla ba tadima ka leihlo le letle, ke ba busetse lefatsheng lena, ke ba ahise, ke se ke ka ba senya; ke ba hlome, ke se ke ka ba epolla.


Jwalokaha nkile ka ba lebela ho epolla, le ho qhaqha, le ho ripitla, le ho senya, le ho ba etsa hampe, le hona ke tla ba lebela ho haha, le ho hloma, ho bolela Jehova.


Kahoo, ditjhaba tse setseng, tse le kopileng ka nqa tsohle, di tla tseba hoba ke nna Jehova ke tsositseng metse e heleditsweng, ke boetseng ke lemile lefeella. Ke nna Jehova ke bolelang seo, ke se etsang.


Ke tla ba jwaloka phoka ho Iseraele; o tla thunya jwaloka dipalesa, a mele metso jwaloka Lebanone.


Ke tla ba hloma naheng ya bona, mme ha ba sa tla hlola ba tloswa naheng ya bona, eo ke ba neileng yona: ho bolela Jehova, Modimo wa hao.


Modimo ke ofe o jwaloka wena, o tlosang bokgopo, o tshwarelang dibe tsa masala a lefa la hao? O ke ke wa boloka bohale ba wona ka ho sa yeng kae, hobane haele wona, o kgahlwa ke ho hauhela.


Jehova, Modimo wa hao, o kahare ho wena: ke mohale ya pholosang. O tla o thabela ka thabo e kgolo, a be a kgutse ka baka la lerato la hae; o tla o nyakallela ka meduduetsa.


Jwalokaha Jehova a ne a le thabela ka ho le etsetsa molemo, le ka ho le atisa, le hona Jehova o tla thabela jwalo ho le fedisa, le ho le timeletsa; mme le tla fotholwa lefatsheng leo o yang ho le rua.


Jehova, Modimo wa hao, o tla o hlohonolofatsa mesebetsing yohle ya matsoho a hao, dintho di tle di tlale ho wena; a o hlohonolofatse baneng ba tswalwang ke wena, le ho tse tswalwang ke makgomo a hao, le ho tse behwang ke lefatshe la hao. Hobane Jehova o tla boela a ithatele ho o etsa hantle, jwalokaha a ne a thabetse bontatao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos