Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:39 - Sesotho 1909/1961 (SO)

39 Ke tla ba nea pelo e le nngwe le mokgwa o le mong wa ho ntshaba kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona le bana ba bona kamora bona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

39 Ke tla se nea pelo e leng nngwe le sepheo se le seng, hore se tle se ntshabe kamehla yohle, mme sona, mmoho le ditloholo tsa sona, se fumane tse molemo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:39
38 Referencias Cruzadas  

Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.


Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


La re: Se ise letsoho la hao ho moshanyana, o se ke wa mo etsa letho; hobane jwale, ke a tseba hoba o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena.


Hape, letsoho la Jehova la eba ho Bajuda, ho ba nea pelo e le nngwe ho etsa ka taelo ya morena le ya mahosana, ka ho ya ka lentswe la Jehova.


Bokang Jehova! Ho lehlohonolo motho ya tshabang Jehova, ya ithabelang ditaelong tsa hae haholo.


O tla bona le bana ba bana ba hao. Kgotso e be ho Iseraele!


Jehova, mpontshe tsela ya hao, ke tle ke tsamaye nneteng ya hao! o tlamelle pelo ya ka yohle le tshabo ya lebitso la hao!


Pelo ya hao e se ke ya honohela ba babe, o mpe o hlole o tshaba Jehova kamehla,


Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.


Utlwa dibohodi tsa hao! Di phahamisa lentswe, di etsa mohoo wa nyakallo hammoho, hobane di bona ka mahlo kamoo Jehova a kgutlelang Sione kateng.


Ba ke ke ba sebeletsa lefeela, ba ke ke ba tswala bana, mme ba lahlehelwa ke bona kapele; hobane e tla ba leloko le hlohonolofaditsweng ke Jehova, mme bana ba bona ba tla nne ba dule le bona.


Ke tla ba nea pelo e ntsebang hoba ke Jehova; mme e tla ba setjhaba sa ka, nna ke be Modimo wa bona, hobane ba tla sokolohela ho nna ka pelo yohle.


Empa ke sena selekane seo ke tla se hlaba le ntlo ya Iseraele kamora ditshiu tseo, ho bolela Jehova: Ke tla ngola molao wa ka kahare ho bona, ke o ngole dipelong tsa bona; ke tla ba Modimo wa bona, bona e be setjhaba sa ka.


Ke tla etsa selekane se sa feleng le bona, sa hore nke ke ka ba furalla, ke nne ke ba etse hantle; ke tla bea tshabo ya ka dipelong tsa bona, ba tle ba se ke ba nkwenehela.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


Ke tla le nea pelo e ntjha, ke kenye moya o motjha kahare ho lona; ke tla tlosa pelo ya lejwe nameng ya lona, ke le nee pelo ya nama.


Ke tla ba etsa setjhaba se le seng lefatsheng, dithabeng tsa Iseraele. Eo e tla ba morena wa bona e tla ba morena a le mong; e ke ke ya hlola e eba tjhaba tse pedi, di ke ke tsa hlola di arohana ho etsa mebuso e mmedi.


Mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona, e be modisa wa bona bohle; ba tla tsamaya ka ditaelo tsa ka, ba boloke dikomelo tsa ka, ba di etse.


Ba tla aha lefatsheng leo ke neng ke le nee mohlanka wa ka Jakobo, leo bontata lona ba neng ba ahe ho lona: ba tla aha ho lona, e le bona, le bara ba bona, le ditloholo tsa bona kamehla; mme mohlanka wa ka Davida e tla ba morena wa bona kamehla.


Jesu a re ho yena: Ke nna tsela, le nnete, le bophelo; ha ho motho ya ka tlang ho Ntate, haese ka nna.


bohle ba tle ba be bang, jwalokaha wena, Ntate, o le ho nna, le nna ke le ho wena; le bona ba be bang ho rona, hore lefatshe le tle le dumele hoba o nthomile.


Modimo o e phethile ho rona bao re leng bana ba bona, ka ho tsosa Jesu, jwalokaha ho ngodilwe Pesalemeng ya bobedi, ho thwe: O mora wa ka, ke o tswetse kajeno.


Hobane pallo eo e etseditswe lona, le bana ba lona, le ba leng hole kaofela, ba sa tlang ho bitswa ke Morena, Modimo wa rona.


Ke lona bao Modimo o qadileng ka lona ho le hlahisetsa mohlanka wa wona Jesu, wa mo roma ho tla le hlohonolofatsa, ka ho sokolla e mong le e mong wa lona bobeng ba hae.


Bongata bohle ba ba dumetseng bo ne bo le pelo e le nngwe le moya o le mong feela; ho ne ho se motho ya reng, dintho tseo a nang le tsona ke tsa hae, empa dintho tsa e mong le e mong ba ne ba re, ke tsa bona bohle.


Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.


Thakangwaha ha di halalela, mesaletsa le yona e jwalo; mme motso ha o halalela, makala le wona a jwalo.


Hobane monna ya sa dumelang o halaletswa ho mosadi, le mosadi ya sa dumelang o halaletswa ho monna; hoja ha ho jwalo, ekabeba bana ba lona ke bana ba ditshila, athe jwale ba halalela.


Ha ke qetella, banabeso, ke re: Ithabeleng, le phethehe, le tshedisane, le be le kgopolo e le nngwe, le dule ka kgotso; mme Modimo wa lerato le wa kgotso o tla ba le lona.


Oho! hoja ba ka ba le pelo e jwalo kamehla, ya ho ntshaba, le ya ho boloka ditaelo tsa ka tsohle kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng!


o tle o tshabe Jehova, Modimo wa hao, ka ho boloka melao ya hae yohle, le ditaelo tsa hae tsohle, tseo ke o laelang tsona, hore o di boloke, e le wena, le mora wa hao, le mora wa mora wa hao, ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hao, matsatsi a hao a tle a ngatafale.


Jehova o re laetse ho etsa ka melao eo kaofela, re ntse re tshaba Jehova, Modimo wa rona, re tle re be le lehlohonolo kamehla, mme re bolokwe ke yena, jwaloka kajeno.


e leng tsela e ntjha e isang bophelong, eo a re hleketseng yona, e phunyang lesira, ke ho re, nama ya hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos