Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 O ntshitse setjhaba sa hao sa Iseraele lefatsheng la Egepeta ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka seatla se matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka botshabeho bo boholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

21 O ile wa ntsha setjhaba sa hao sa Iseraele naheng ya Egepeta ka dipontsho le ka mehlolo, le ka letsoho le matla le otlolohileng le ka ho tshabeha ho hoholo,

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:21
18 Referencias Cruzadas  

Hape, ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang setjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho se lopolla, hore e be setjhaba sa wona sa sebele, le ho se etsetsa lebitso ka ho etsetsa sona le lefatshe la sona tse kgolo, tse tshabehang, ha o lelekile ditjhaba le medimo ya tsona pela setjhaba sa hao, seo o itopolletseng sona Egepeta!


hobane baditjhaba ba tla fela ba utlwe lebitso la hao le leholo, le letsoho la hao le matla, le letsoho la hao le otlolohileng — ha a ka tla, a rapela tlung ena;


Ke sefe setjhaba se lefatsheng se kang tjhaba sa hao sa Iseraele, seo Modimo o tlileng ho itopollela sona, hore e tle e be setjhaba sa wona, le ho iketsetsa lebitso ka ho sebetsa ntho tse kgolo, tse tshabehang, ha o ntse o leleka ditjhaba pela setjhaba sa hao seo o se lopolotseng Egepeta?


A ba ntsha ba nkile disilefera le dikgauta, ho se motho ya kgathalang melokong ya bona.


A etsa hore setjhaba sa hae se tlohe ka thabo, le bakgethwa ba hae ka nyakallo.


Etlare ha mora hao a o botsa mehleng e tlang, a re: Taba ee e reng? o re ho yena: Jehova o re ntshitse ka letsoho le matla Egepeta, tlung ya bohlanka.


E tla ba pontsho ho wena letsohong la hao, le kgopotso dipakeng tsa mahlo a hao, molao wa Modimo o tle o be molomong wa hao, hobane Jehova o o ntshitse Egepeta ka letsoho le matla.


Empa ke tla otlolla letsoho la ka, ke otle Egepeta ka mehlolo yohle ya ka, eo ke tla e etsa teng, mme kamorao o tla le tlohela, le tsamaye.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae.


Ka baka lena, e reng ho bana ba Iseraele: Ke nna Jehova, ke tla le jarolla boima ba Baegepeta, ke le lwele ditlamong tsa bona, ke le lopolle ka letsoho le otlolohileng, le ka dikahlolo tse kgolo.


ya neng a ema ho le letona la Moshe, a ba tsamaisa ka letsoho le kganyang la hae, a arola metsi pela bona, a tle a iketsetse lebitso le tumileng ka ho sa feleng;


le mehlolo ya hae, le diketso tsa hae tseo a di entseng hara Egepeta, ho Faro, morena wa Egepeta, le naheng ya hae kaofela,


Jehova a re ntsha Egepeta ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, ka letsoso le leholo, ka dipontsho le ka mehlolo.


Kapa a o teng Modimo o mong o kileng wa leka ho tla inkela setjhaba ka hara setjhaba se seng, ka meleko, le ka dipontsho, le ka mehlolo, le ka ntwa, le ka letsoho le matla, le ka letsoho le otlolohileng, le ka matsoso a maholo, jwalokaha Jehova, Modimo wa lona, a le etseditse tsohle tse jwalo Egepeta, pela mahlo a lona na?


Hopola meleko e meholo eo o e boneng ka mahlo a hao, le dipontsho, le mehlolo, le letsoho le matla, le letsoho le otlolohileng, tseo Jehova, Modimo wa hao, a o ntshitseng Egepeta ka tsona: Jehova, Modimo wa hao, o tla etsa jwalo ho ditjhaba tsohle tseo le di tshabang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos