Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho sa tla rekwa matlo, le masimo, le masimo a merara lefatsheng lena.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Matlo le masimo le dirapa tsa morara, tsena di tla boela di rekwa naheng ena.’ ”

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:15
13 Referencias Cruzadas  

Esale nna ke tiisang lentswe la mohlanka wa ka, ke etsahatsang ditaba tsa ba romilweng ke nna, ke bolelang hore Jerusalema o tla hahuwa, le hore metse ya Juda e tla boela e hahuwe, mme ke tla tsosa dithako tsa yona;


Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgutlisa ba hapilweng ba ditente tsa Jakobo, ke utlwele meaho ya hae bohloko; motse o tla tsosoloswa setsheng sa wona, ntlo e kgabileng e hahuwe tulong tsa yona.


Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.


Bajuda ba tla ikahela teng hammoho le metse ya bona, balemi le ba tsamayang le mehlape.


O sa tla be o leme merara dithabeng tsa Samaria; balemi ba yona ba tla e lema, ba itjelle tsa yona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Nka mangolo ana, lengolo lena la theko le tiisitsweng, le lengolo lena le phetlilweng, o a bee lefisong la letsopa, a tle a bolokehe ditshiu tse ngata.


Leha ho le jwalo, Morena Jehova, o bile wa re ho nna: O ithekele tshimo eo ka ditjhelete, o nke dipaki, kanthe motse o se o ya neelwa matsohong a Bakalde.


o re: Bonang ke tla ba bokella mafatsheng wohle moo ke ba qhalanyeditseng teng ka bohale ba ka, le ka kgalefo ya ka, le ka hlwenyo e kgolo ya ka; ke tla ba busetsa nqalong ena, ke ba ahise ka boiketlo.


Ba tla aha teng ka boiketlo, ba hahe matlo, ba hlome merara, mme ba tla aha ka boiketlo, mohla ke hlahisang dikahlolo hodima ba neng ba ba nyedisa, ba ba teetse hare ka nqa tsohle; ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova, Modimo wa bona.


Tsatsing leo, ho bolela Jehova wa makgotla, le tla biletsana e mong le e mong katlasa morara le katlasa feiye.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos