Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 32:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 ka nea lengolo la theko ho Baruke, mora Neria, mora Mahaseia, pontsheng ya Hanameele, ngwana rangwane, le pontsheng ya dipaki tse tiisitseng lengolo la theko, le pontsheng ya Bajuda kaofela ba neng ba dutse lebaleng la teronko.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 Ka nea Baruke, morwa wa Neriya, setloholo sa Maasiya, lengolo la theko moo mora wa rangwane, Hanamele, a leng teng, le moo dipaki tse ingotseng mabitso a tsona lengolong la theko di leng teng, le moo Bajuda bohle ba neng ba dutse ka lebaleng la tjhankana ba ntseng ba bona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 32:12
10 Referencias Cruzadas  

Yaba ke laela Baruke pontsheng ya bona, ka re:


Eitse hobane ke nee Baruke, mora Neria, lengolo la theko, ka rapela Jehova, ka re:


Mme morena a laela Jerameele, mora morena, le Seraia, mora Asriele, le Shelemia, mora Abdeele, hore ba tshware Baruke mongodi le moporofeta Jeremia; empa Jehova a ba pata.


Yaba Jeremia o nka maqephe a mang, a a nea Baruke, mora Neria, mongodi, mme a ngola ho wona, ka molomo wa Jeremia, mantswe wohle a lengolo leo Jojakime, morena wa Juda, a neng a le tjhesitse mollong; ha ba ha eketswa mantswe a mangata a jwaloka a pele.


Ke lena lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le laela Seraia, mora Neria, mora Mahaseia, ha a eya Babilona le Tsedekia, morena wa Juda, ka selemo sa bone sa puso ya hae; Seraia e ne e le molebedi wa dikamore.


Hobane re batla seo e leng se setle, e seng mahlong a Morena feela, e leng le mahlong a batho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos