Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 31:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ke tla a tlisa a etswa naheng e ka leboya, ke a phuthe ho tloha pheletsong tsa lefatshe, ke phuthe difofu ke be ke phuthe dihlotsa, le basadi ba baimana ba kgatheng la ho beleha, ba kgutlele kwano e le letshwelehadi.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 31:8
29 Referencias Cruzadas  

a ba latileng dinaheng tsohle, botjhabela le bophirimela, leboya le borwa.


Oho Modimo wa poloko ya rona, o re arabela ho lokeng ha hao ka diketso tse tshabehang; wena, tshepo ya bohle ho isa dipheletsong tsa lefatshe le ho isa moo mawatle a fellang teng;


O hopotse mohau wa hae le botshepehi ba hae bakeng sa ntlo ya Iseraele; dipheletso tsohle tsa lefatshe di bone poloko ya Modimo wa rona.


O tla alosa mohlape wa hae ka mokgwa wa modisa, o tla bokella dikonyana matsohong a hae, a di jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a di sotetse butle.


Ke tla tsamaisa difofu mmileng oo di sa o tsebeng, ke di ise ka ditsela tseo di sa di tsebeng; ke tla fetola lefifi lesedi pela tsona, le wona makukuno a fetohe lehwatata; ntho tseo ke tla di etsa, nke ke ka di tlohela.


Ke tla re ho leboya: Busetsa; le ho borwa: O se ke wa thibela; o kgutlisetse bara ba ka ba dinaheng tse hole, le baradi ba ka dipheletsong tsa lefatshe;


Sokolohelang ho nna, mme le bolokehe, lona dipheletso tsohle tsa lefatshe. Hobane ke nna Modimo, o mong ha o yo.


Jehova o bonahaditse letsoho la hae le halalelang mahlong a ditjhaba kaofela, mme dipheletso tsohle tsa lefatshe di tla boha poloko ya Modimo wa rona.


Ba mpa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng bana ba Iseraele lefatsheng la Leboya le mafatsheng wohle, moo a neng a ba qhalanyeditse teng; mme ke tla ba busetsa lefatsheng leo ke le neileng bontata bona.


Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.


Empa ba tla re: Jehova o a phela ya nyolotseng, ya busitseng merabe ya ntlo ya Iseraele lefatsheng la Leboya, le mafatsheng wohle moo ke neng ke ba hasanyeditse teng, mme ba tla ikahela lefatsheng la bona.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Eya, o bolele mantswe ana ka nqa leboya, o re: Kgutla, Iseraele mokwenehi, ho bolela Jehova, nke ke ka o sosobanyetsa sefahleho, hobane nna ke mohau, ho bolela Jehova, nke ke ka nna ka losa disuwa kamehla.


Mehleng eo, ntlo ya Juda e tla tsamaya le ntlo ya Iseraele; ba tla tswa hammoho lefatsheng la Leboya, ho ya lefatsheng leo ke le ruisitseng bontata lona.


Ke tla le ntsha ditjhabeng, mme dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona ke le phuthe ka letsoho le matla, le otlolohileng, le ka ho le tshollela kgalefo ya ka,


Ke tla kgahlwa ke lona jwaloka hoja le le dibano tse monko o monate, ha ke se ke le ntshitse ditjhabeng, mme ke tla le phutha dinaheng tseo le qhalanyeditsweng ho tsona, ke tle ke kgethehe ka lona pela ditjhaba;


Jwalokaha modisa a hlahlobisisa mohlape wa hae mohla a tshohang a le hara dinku tsa hae tse hasaneng, ke tla hlahlobisisa dinku tsa ka jwalo, ke di ntshe dinqalong tsohle tseo di qhalanetseng ho tsona, mohla letsatsi la maru le la lefifi.


Ke tla di ntsha hara ditjhaba, ke di phuthe mafatsheng wohle; ke ntoo di tlisa naheng ya tsona, ke di dise dithabeng tsa Iseraele, dihlohleng tsa melapo le metebong yohle ya naha.


Ke tla batla e lahlehileng, ke late e kgelohileng, ke tlamelle e leqeba, ke natlafatse e kulang; empa ke tla timetsa e nonneng le e matla; ke tla di disa ka ho loka.


Tsatsing leo, ho itswe ke Jehova, ke tla phutha se hlotsang, se lelekilweng ke se bokelle le seo ke se entseng hampe;


Bona, nakong eo, ke tla ba le taba le bahlorisi ba hao kaofela, ke pholose se hlotsang, le se qhadilweng ke se bokelle, mme ke tla ba etsa ba roriswang le ba tumileng mafatsheng wohle, moo ba ileng ba hlajwa ke dihlong.


Jo! jo! balehang, lona ba leng naheng ya Leboya, ho bolela Jehova, hobane ke le qhalanyeditse meyeng e mene ya lehodimo, ho bolela Jehova.


ha a ka ke a roba lehlaka le tenyetsehileng, a ke ke a tima lebonenyana le kubellang, e be a etse hore ho loka ho hlole.


Yare hobane ba qete ho ya, Jesu a re ho Simone Petrose: Simone, mora Jona, a o nthata haholo ho fetisa bana na? A re ho yena: E, Morena, o tseba hoba ke a o rata. Jesu a re ho yena: Alosa dikonyana tsa ka.


Hobane ekare ha e mong a o bona, wena ya nang le tsebo, o dutse ho ja tempeleng ya ditshwantsho, na letswalo la ya fokolang le ke ke la kgothatswa ke hona hore a tle a je tse hlabetsweng ditshwantsho na?


Esita le hoja ba bang ba hao ba qhalantsweng ba ka ba pheletsong ya lehodimo, Jehova, Modimo wa hao, o tla o phutha teng, a o late hona teng.


Hape, banabeso, re a le rapela, hore le ke le lokise ba sa yeng ka molao, le tshedise ba pelo di tepeletseng, le tiise ba fokolang, mme le be le mamello ho bohle.


A le ke le tiiseng ke hona matsoho a tepeletseng le mangwele a tetemang;


Hobane moprista e moholo eo re nang le yena, hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona; hobane o lekilwe nthong tsohle jwaloka rona, empa ha a ka a etsa sebe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos