Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 30:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bonang, sefefo sa Jehova ke seo; kgalefo e tjhesang e tswetse ntle, sefefo sa setsokotsane se tla tsokotseha dihloohong tsa ba babe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Setsokotsane sa Morena se ferella se halefile, ke tsokotsane se puputlang se sa kgaotse; se tla theohela hodima hlooho tsa ba kgopo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 30:23
7 Referencias Cruzadas  

Dipitsa tsa lona di eso ho utlwe mollo wa meutlwa, e metala le e tukileng e tla phamolwa hammoho ke setsokotsane.


mohla matsoso a le hlahelang jwaloka difefo, le ditlokotsi di le mathelang jwaloka ditsokotsane, mme mahlomola le mapalesapelo a le sithabeditse;


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, bobe bo ya tswa setjhabeng se seng, bo ye setjhabeng se seng, lerole le tshabehang le ya tsoha dikgutlelong tsa lefatshe.


Mohlang oo, ho tla bolellwa setjhaba sena le Jerusalema, ho thwe: Moya o tjhesang, o tswang dithoteng tse dibataolo tsa nahathothe, o fokela moradi wa setjhaba sa ka, e seng ho olosa, leha e le ho hlokola;


Na hase letho, lona kaofela ba tsamayang ka tsela? Lemohang, le bone ha bohloko bo ka ba teng bo jwaloka bohloko boo ke hlahetsweng ke bona, boo Jehova a ntlhomodisang ka bona tsatsing la kgalefo e tjhesang ya hae?


Jehova o tla hlaha, a phahame kahodimo ho bona; motsu wa hae o tla hlaha jwaloka lehadima: Morena Jehova o tla letsa terompeta, o tla tsamaya a le difefong tse tswang borwa;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos