Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 30:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Hobane ho itswe ke Jehova: Bonang, ke tla kgutlisa ba hapilweng ba ditente tsa Jakobo, ke utlwele meaho ya hae bohloko; motse o tla tsosoloswa setsheng sa wona, ntlo e kgabileng e hahuwe tulong tsa yona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Morena o bua tjena: “Ke tla kgutlisa tjhaba sa ka, ke se kgutlisetse naheng ya sona, lelapa ka leng ke le hauhele. Masupi a Jerusalema a tla tsoswa, le yona ntlo ya bokgosi e be e tsoswe.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 30:18
38 Referencias Cruzadas  

Yaba morena Davida o re ho phutheho kaofela: Mora ka Salomone eo Modimo o mo kgethileng a nnotshi, o sa le motjha, hape o monyenyane; athe mosebetsi o moholo; hobane ntlohadi eo hase ya motho, e mpa e le ya Jehova Modimo.


O nee mora ka Salomone pelo e tletseng thato ya ho boloka ditaelo tsa hao le ditemoso tsa hao le melao ya hao, hore a be a di phethe kaofela ha tsona, mme a hahe ntlohadi eo ke lokisitseng ntho tsa yona.


Hobane motse o ne o le batsi, o le moholo, empa setjhaba sa teng se ne se se sekae, le wona matlo a ne a eso ho hahuwe.


O tla tsoha, o hauhele Sione, hobane e se e le nako ya ho mo utlwela bohloko; e, nako e lekantsweng e tlile.


Hobane bahlanka ba hao ba rata majwe a Sione, ba utlwela lerole la hae bohloko.


Kgotso a e ke e be marakong a hao, le boiketlo matlung a hao a borena.


le hlahlobe diqhobosheane tsa hae, le lekole matlo a borena a teng, le tle le tsebe ho bolella meloko e tlang ho tla.


Matlung a teng a borena, Modimo o ipontshitse hoba ke qhobosheane.


A tiisa sehalalelo sa hae jwaloka dithaba, jwaloka lefatshe leo a le theetseng mehla e sa feleng.


Jehova, o hlohonolofaditse naha ya hao, o kgutlisitse batshwaruwa ba Jakobo;


Esale nna ke tiisang lentswe la mohlanka wa ka, ke etsahatsang ditaba tsa ba romilweng ke nna, ke bolelang hore Jerusalema o tla hahuwa, le hore metse ya Juda e tla boela e hahuwe, mme ke tla tsosa dithako tsa yona;


ke bolelang Siruse ka ho re: Ke modisa wa ka, o tla etsa se ratwang ke nna, o tla re ho Jerusalema: O tla tsoswa, le ho tempele: O tla thewa.


Mme nna, ke tla bokella tse setseng tsa mohlape wa ka mafatsheng wohle moo ke di hasanyeditseng teng, ke tla di busetsa makgulong a tsona, di tle di ngatafale, di ate.


Hobane nna ke tseba mehopolo ya ka eo ke ntseng ke e hopotse bakeng sa lona, ho bolela Jehova, hobane ke mehopolo ya kgotso, e seng ya bobe, ke tle ke le nee qetello e molemo le se ka le tshepisang.


Ke tla nne ke fumanwe ke lona, ho bolela Jehova, mme ke tla busetsa ba lona ba kgolehong, ke le bokelle ditjhabeng tsohle le dinqalong tsohle moo ke le qhalanyeditseng teng, ho bolela Jehova; ke tla le busetsa nqalong ena eo ke le faladitseng ho yona.


Hobane bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tla kgutlisa ba kgolehong ba setjhaba sa ka sa Iseraele le sa Juda, ho bolela Jehova, ke ba busetse lefatsheng leo ke le neileng bontata bona, ba tle ba le rue.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ba sa tla bolela polelo ena lefatsheng la Juda le metseng ya teng, ha ke se ke kgutlisitse ba bona ba kgolehong, ba re: Jehova a ke a o hlohonolofatse, leaho la ho loka, thaba e kgethehileng!


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao motse o tlang ho hahelwa Jehova ka wona, ho nka toreng ya Hananeele ho isa monyakong wa Kou.


Ke tla be ke o hahe; o tla be o hahuwe, morwetsana wa Iseraele; o sa tla be o itlhophe ka meropa ya hao, o tla tswa o tsamaye diemeng tsa ba nyakallang.


Kgohlo yohle ya ditopo le ya molora, le sebaka kaofela ho isa molatswaneng wa Kedrone ho fihla koung ya monyako wa Dipere, ka nqa botjhabela, e tla ba tse kgethetsweng Jehova; ha ho sa tla ripitlwa, ha ho sa tla senngwa le ka ho sa feleng.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ho sa tla rekwa matlo, le masimo, le masimo a merara lefatsheng lena.


Masimo a tla nne a rekwe ka tjhelete, ba tla nne ba ngole mangolo a theko, ba a tiise, ba nke dipaki lefatsheng la Benjamine, le mathokong a Jerusalema, le metseng ya Juda, le metseng e thabeng, le metseng ya lehwatata, le metseng e ka nqa borwa; hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba bona, ho bolela Jehova.


ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.


ke busetse ba hapilweng ba Juda le ba hapilweng ba Iseraele, ke boele ke ba ahise jwaloka mehleng ya pele.


Empa wena, o se ke wa tshaba, mohlanka wa ka, Jakobo, o se ke wa tshoha, Iseraele, hobane bona, ke tla o lopolla le lefatsheng le hole, ke lopolle le ditloholo tsa hao lefatsheng la kgoleho ya bona: Jakobo o tla boya, a dule, a iketle, a sa tshoswe ke motho.


Leha ho le jwalo, mehleng ya ho qetella, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba Elame, ho bolela Jehova.


Empa hamorao, ke tla kgutlisa ba kgolehong ba bana ba Ammone, ho bolela Jehova.


Ho lona, ke tla ngatafatsa batho le diphoofolo; ba tla ata, le ho ngatafala. Ke tla etsa hore le ahuwe jwaloka mehleng ya lona ya kgale, ke le etse hantle ho feta mehleng ya qalo ya lona; le tle le tsebe hobane ke nna Jehova.


Ke tla lokolla setjhaba sa ka sa Iseraele kgolehong ya sona, mme ba tla tsosa metse e senyehileng, ba ahe ho yona; ba tla hloma masimo a merara, ba nwe veine ya wona; ba tla hloma le dirapa tsa difate, ba je le ditholwana tsa tsona.


Yaba lengeloi la Jehova le ahlamisa molomo wa lona, la re: Jehova wa makgotla, o tla lesela ho le hokae ho hauhela Jerusalema le metse ya Juda eo o e halefetseng ka dilemo tsena tse mashome a supileng na?


Ka baka leo, ho bolela Jehova, ke boela ho Jerusalema ka mohau, ntlo ya ka e tla hahuwa teng, ho bolela Jehova wa makgotla, kgwele ya ho lekanya e otlollwe hodima Jerusalema.


Ka tsatsi leo, ke tla fetola mahosana a Juda, a be jwaloka sebopi sa mollo hara dipatsi, le jwaloka serumula sa mollo hara mangata a koro, mme a tla ja ka ho le letona le ka ho le letshehadi ditjhaba tsohle tse kamathoko; haele Jerusalema, o tla nne a dule setsheng sa hae, Jerusalema.


Jehova o tla boloka ditente tsa Juda pele, hore kganya ya ntlo ya Davida le kganya ya baahi ba Jerusalema e se ke ya phahama ho fetisa ya Juda.


Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos