Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 30:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 O mekeletsang ka baka la letetetso la hao? Leqeba la hao ha le na ho fola. Ke o entse tseo ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di anafetse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

15 O llisetswang ke matshwenyeho a hao? Bohloko ba hao ke bo sa phekoleheng! Ka baka la bongata ba makgopo a hao, le ka baka la bongata ba dibe tsa hao, tsena ke entse hore di o hlahele.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 30:15
45 Referencias Cruzadas  

Haele moo re se re kile ra hlahelwa ke tse ngata ka baka la ketso tsa rona tse mpe, le ka baka la melato e meholo ya rona, kanthe wena, Modimo wa rona, o kile wa re hauhela, o sa ka wa re otla ka kotlo e lekanang le makgopo a rona, o bile o re boloketse masala a makalo,


Ha o lokisa ditaba jwalo, ke mang ya tla nyatsa? Mme ha o ka pata sefahleho sa wona, ke mang ya ka o bonang? O busa ditjhaba le batho ka mokgwa o jwalo;


ke etswa motho ya leshano, ha ke emela toka ya ka; ke hlabilwe ka motsu o bolayang, ke se na molato.


Mahlanya a nnile a hlomodisetswa tsela ya wona ya lonya le makgopo a wona.


Ho tloha bohatong ba leoto, ho isa hara hlooho, ha ho moo ho pholohileng; ke maqeba feela, matetetso le diso tse phephethang boladu, tse esong ho phunngwe le ho tlamellwa, mme ha di eso ho thojwe ka ole.


A e lema, a tlosa majwe ho yona, a hloma merara e kgethilweng, a haha tora hara yona, a epela sehatelo teng; a tshepa hore e tla bea ditholwana tse monate, empa e beile tse babang.


Hobane wena Juda, palo ya medimo ya hao e ka ka ya metse ya hao; palo ya dialetare tse dihlong, e leng dialetare tsa ho tjhesetsa Baale dibano, e lekana palo ya diterata tsa Jerusalema.


Bohloko ba ka bo setse keng ka ho sa feleng, le leqeba la ka ha le okwe keng na? Le hanelang ho fola? Na ho nna o tla ba sediba se thetsang, le metsi a psheleng na?


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Hobane ho itswe ke Jehova: Letetetso la hao ke le bolayang, leqeba la hao le lebe.


Dinyatsi tsa hao kaofela di hlile di o lebetse, ha di sa re letho ka wena, kahobane ke o batile ka leqeba leo e kang ke la sera, le ka kgalemelo e thatathata, ka baka la bongata ba makgopo a hao, hobane dibe tsa hao di ngatafetse.


Leha ho le jwalo, bohle ba o jang ba tla jewa, bohle ba o patisang ba tla iswa kaofela kgolehong; ba o tlatlapang ba tla tlatlapjwa, bohle ba o senyang ke tla ba neela tshenyeho.


Hobane ke tla o tlamella, ke fodise maqeba a hao, ho bolela Jehova, hobane ba o bitsa molahluwa, Sione elwa ho sa thweng letho ka yena.


O ka ya Gileade ho inkela sehlare teng, morwetsana, moradi wa Egepeta; leha o ka nka dihlare tse ngata, ke ka lefeela; ha ho phodiso bakeng sa hao.


Hobane ba hlile ba ineela takatso ya ho rua kaofela, e monyenyane le e moholo; moporofeta le moprista e mong le e mong ba etsa bohata.


Bao e leng dira ho yena ke beng ba hae, ba mo hloyang ba iketlile, hobane Jehova o mo hlomodisitse ka baka la bongata ba makgopo a hae; bana ba hae ba banyenyane ba ile kgolehong, ba kgannwa ke dira.


Na ke tla o bolella dife? Kapa nka o tshwantsha le eng, moradi wa Jerusalema? Ke tla o bapisa le eng, ke tle ke o tshedise, morwetsana, moradi wa Sione? Hobane tshenyeho ya hao e kgolo, e kaa ka lewatle; ke mang ya ka o fodisang?


Na motho ya phelang a ka itshena na? Motho a mpe a ipelaetse ka sebe sa hae!


Ke ka baka la sebe sa baporofeta ba hae le la bolotsana ba baprista ba hae, ba nnileng ba tsholla madi a ba lokileng kahare ho wena.


Hobane maqeba a wona Samaria a mabe, kotsi ya wona e bile e hlahetse Juda; e fihlile monyako wa setjhaba sa ka, ke ho re, Jerusalema.


Ke tla jara kgalefo ya Jehova, hobane ke mo sitetswe, a tle a be a emele nyewe ya ka, a nkahlolele: o tla nntshetsa leseding, mme ke tla boha ho loka ha hae.


Leqeba la hao ha le na ho thojwa, matetetso a hao ha a na ho fola! Bohle ba utlwang tsa hao, ba tla o opela ka diatla; hobane bolotsana ba hao bo lesitse ho hlahela mang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos