Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 3:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Etlare ha le se le atile, le anafetse lefatsheng, mehleng eo, ho bolela Jehova, ha ba sa tla hlola ba bolela areka ya selekane sa Jehova; ha e sa tla hopolwa dipelong, ha ba sa tla e elellwa, ha ba sa tla e hlolohelwa, mme ha ho ka ke ha etswa e nngwe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Hape Morena o re: “Matsatsing ao, etlare ha le eketseha, le anafala naheng eo, ebe batho ha ba sa bua ka areka ya selekane sa Morena! Ha ba sa tla bua ka yona kapa ba e hopole, kapa ba e hlolohelwe, mme ba ke ke ba etsa e nngwe hape.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 3:16
24 Referencias Cruzadas  

E monyenyane ho bona o tla ata ho isa seketeng, ya nyatsehang a fetohe setjhaba se sengata. Nna Jehova, ke tla phakisa ke etse hoo ka nako ya teng.


Ba tla tsosa marako a kgale, ba tsose masupi e senyehileng kgale, ba ntjhafatse metse e senyehileng, esaleng e le dithako mehleng ya kgale.


Hobane bonang, ke ya bopa mahodimo a matjha le lefatshe le letjha; tse fetileng ha di sa tla hlola di hopolwa, di ke ke tsa kgutlela mehopolong.


Mehleng eo, Jerusalema e tla bitswa terone ya Jehova; ditjhaba tsohle di tla phuthehela Jerusalema ka baka la lebitso la Jehova; mme ha di sa tla tsamaya ka bothata ba dipelo tse mpe tsa tsona.


Ho tla nne ho tswe ho yona diteboho le lentswe la ba nyakallang; ke tla ba anafatsa, ba se ke ba hlola ba boba, ke tla ba tlotlisa, ba tle ba se ke ba kgeswa.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho jalla ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda peo ya batho le peo ya dikgomo.


Bonang, ke tla ba lata lefatsheng la Leboya, ke ba bokelle dipheletsong tsa lefatshe, sefofu se leng hara bona le sehlotsa, moimana le motswetse hammoho; ba tla kgutlela kwano e le bongata bo boholo.


Le se ke la itshepela dipolelong tseo tsa lefeela tse reng: Tempele ya Jehova, tempele ya Jehova, tempele ya Jehova ke yona eo!


O ka bona, ha esita leha le ne le sa le kaofela ha lona, ho ne ho ke ke ha sebetswa mosebetsi ofe kapa ofe ka lona, haholo jwale, ha mollo o se o le fedisitse, le bile le tlabohile, ho ka sebetswa mosebetsi ofe ka lona?


Ke tla ba etsetsa selekane sa kgotso; e tla ba selekane se sa feleng le bona; ke tla ba tiisa, ke ba atise, mme ke tla bea sehalalelo sa ka hara bona ka ho sa feleng.


Hobane bonang, ke a laela, mme ke tla hlokola ntlo ya Iseraele hara ditjhaba tsohle, jwalokaha ho hlokolwa koro ka sefe, ho se hlaku le e nngwe e welang fatshe.


Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.


Josiase a tswala Jekonia le banababo, mohla Bajuda ba iswang kgolehong Babilona.


Mme le se ke la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke a le bolella, ke re: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos