Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 29:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hobane ba le porofetela ka leshano lebitsong la ka; athe ha ke a ka ka ba roma, ho bolela Jehova.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Batho bana ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke a ba roma,’ ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 29:9
7 Referencias Cruzadas  

Ha ke a ka ka roma baprofeta bao, mme bona ba mathile; ha ke a ka ka bua le bona, mme bona ba porofetile.


Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba ntseng ba le bolella, ba re: Ha le ka ke la sebeletsa morena wa Babilona, hobane ba le porofetela leshano.


Hobane ha ke a ka ka ba roma, ho bolela Jehova; ba ntse ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le lahle, ke le timetse, lona le baporofeta ba le porofetelang.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, bakeng sa Akabe, mora Kolaia, le sa Tsedekia, mora Maaseia, ba ntseng ba le porofetela leshano ka lebitso la ka: Bonang, ke ya ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a ba bolaye mahlong a lona.


Hobane ba entse manyala hara Iseraele, ba febile le basadi ba banababo bona, ba hlile ba bolela mantswe a leshano ka lebitso la ka, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona. Ke mpa ke tseba hoo, mme ke paki, ho bolela Jehova.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa Shemaia, Monehelame: Ekare ha Shemaia a ntse a le porofetela, kanthe ha ke a ka ka mo roma, mme a hlile a le tshepisa ka leshano;


Baporofeta ba hao ba ile ba o bonela mashano le bosawana, ha ba ka ba o kwahollela bokgopo ba hao, hore ba tle ba kgelose kgoleho ya hao, ba mpa ba o boleletse ditshenolo tsa leshano le tsa thetso.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos