Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 29:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ke ana mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a kileng a le romela, a le Jerusalema, ho baholo ba setseng ho ba kgoleho, le ho baprista le ho baporofeta le ho setjhaba kaofela, bao Nebukadnesare a neng a ba tshwere Jerusalema, a ba isitse Babilona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ana ke mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a neng a le ngole a le Jerusalema, a le ngolla masalla a baholo ba setjhaba ba ileng ba thopuwa, le baprista le baporofeta le setjhaba sohle seo Nebukadenesare a neng a ile a se thopa Jerusalema, a se isa Babilona.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 29:1
16 Referencias Cruzadas  

Ebile Jojakine, morena wa Juda, o tswela ho morena wa Babilona, e le yena, le mmae, le bahlanka ba hae, le mahosana a hae, le matona a hae. Morena wa Babilona a mo tshwara ka selemo sa boroba meno e le mmedi sa ho busa ha hae.


Eitse selemo ha se thwasa, morena Nebukadnesare a romela ho mo lata, a mo tlisa Babilona, a nka le mesebetsi ya bohlokwa ya ntlo ya Jehova; mme a bea Tsedekia, ngwanabo, morena wa Juda le Jerusalema.


Mordekai a ngola ditaba tseo, mme a romela mangolo ho Bajuda bohle ba dinaheng tsohle tsa morena Assueruse, ho ba leng haufi le ho ba leng hole,


Mme Hanania moporofeta a shwa selemong sona seo, ka kgwedi ya bosupa.


Le Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le ba kgolehong kaofela ba Juda ba ileng Babilona, ke tla ba busetsa nqalong ena, ho bolela Jehova, hobane ke tla roba joko ya morena wa Babilona.


Le mpeng le mamele lentswe la Jehova, lona, ba kgolehong kaofela, bao ke ba ntshitseng Jerusalema, ke ba isitse Babilona.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le se ke la nna le thetswa ke baporofeta ba lona ba hara lona, le ke dinohe tsa lona; le se ke la mamela balori ba lona bao le batlang ditoro ho bona.


Yaba Jeremia o bolella Seraia, a re: Etlare ha o fihla Babilona, o tle o bale mantswe ao kaofela;


Ba ba ba ngola ka bona, ba re: Re le baapostola le baholo le baena, dumelang, lona baena ba ditjhaba tsa Antioke, tsa Siria, le tsa Silisia!


Hobane leha ke le swabisitse ka lengolo la ka, ha ke inyatse ke hona; ha ke ne ke inyatse — ke fela ke bona hobane lengolo leo le le swabisitse, leha ekaba e bile ka motsotso o se okae —


Bonang, ke le ngoletse ka letsoho la ka ka dihlaku tse kaakang.


Ke a le rapela, banabeso, hore le ke le amohele polelo tseo tsa kgothatso; hobane ke le ngoletse hakgutswanyane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos