Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 28:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Hanania a bolela pontsheng ya setjhaba kaofela, a re: Ho itswe ke Jehova: Ke tla robakanya jwalo joko ya Nebukadnesare, morena wa Babilona, molaleng wa ditjhaba tsohle, dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe. Mme moporofeta Jeremia a ikela ka tsela ya hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

11 Hananiya a bua moo setjhaba sohle se ntseng se le teng, a re: “Morena o bua tjena: ‘Ho eso fete dilemo tse pedi, joko ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, e melaleng ya ditjhaba tsohle, ke tla e roba ka wona mokgwa ona.’ ” Yaba moporofeta Jeremia o a itsamaela.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 28:11
13 Referencias Cruzadas  

Yaba eo o re: Le nna ke moporofeta jwaloka wena; lengeloi le mpoleletse taelo ya Jehova, la re: Mo kgutlise, a ye ha hao, a je bohobe, a nwe metsi. Athe o ne a mo thetsa.


Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, ba batla ba eba makgolo a mane; a re ho bona: Hleka ke tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re ho yena: Nyoloha, hobane Morena o tla o neela matsohong a morena.


Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Jehova o re: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.


Hlobohana le lewatla, ha o le bona; hobane ha le na molomo o nang le tsebo.


Yaba Jehova o re ho nna: Baporofeta ba ba porofetela leshano ka lebitso la ka; ha ke a ka ka ba roma, ha ke a ka ka ba nea taelo, ha ke a ka ka bua ho bona. Ba le porofetela pono tsa leshano, le bonohe, le bosawana, le thetso ya dipelo tsa bona.


Ho boleleng ba bolella ba nnyedisang, ba re: Lentswe la Jehova le re: Kgotso e tla ba teng ho lona; le ho bohle ba tsamayang ka bothata ba dipelo tsa bona, ba re: Le ke ke la hlahelwa ke bobe.


Mme moporofeta Jeremia a bolella Hanania moporofeta, a re: Mamela hle, Hanania: Jehova ha a ka a o roma, mme wena o hlile wa tshepisa setjhaba sena ka leshano.


Hobane ba le porofetela ka leshano lebitsong la ka; athe ha ke a ka ka ba roma, ho bolela Jehova.


Na ha le a bona pono ya lefeela, na ha le a bolela bonohe ba leshano, ha le re: Ho itswe ke Jehova! athe ha ke a ka ka bua?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos