Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Setjhaba, kapa mmuso ha o ke ke wa ipea ho Nebukadnesare, morena wa Babilona, leha e le ho neela molala wa wona jokong ya morena wa Babilona, ke tla kgalemela setjhaba seo ka lerumo, le ka tlala, le ka lefu la sewa, ho bolela Jehova, ke tle ke be ke se timetse ka letsoho la hae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 “ ‘Empa haeba mmuso kapa setjhaba se hana ho sebeletsa Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, se hana ho diha melala ya sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, setjhaba seo ke tla se bolaya ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa, ho fihlela ke se timetsa ka letsoho la Nebukadenesare,’ ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:8
15 Referencias Cruzadas  

Ke tla romela lerumo hara bona, le tlala, le lefu la sewa, ba tle ba fele lefatsheng leo nkileng ka le neela bona le bontata bona.


bonang, ke ya romela ho lata merabe yohle ya leboya, ho bolela Jehova, le yena Nebukadresare, morena wa Babilona, mohlanka wa ka, mme ke tla ba tlisa ho lwantsha lefatshe lena le baahi ba lona, le ditjhaba tsohle tsena tse mathokong, ke di neele anathema, ke di bee makatso, le sesomo, le tshenyeho ka ho sa feleng.


Empa setjhaba se beang molala wa sona jokong ya morena wa Babilona ho mo sebeletsa, ke tla se tlohela naheng ya sona, ho bolela Jehova, hore se e leme, se ikahele teng.


Le ratelang ho shwa ke lerumo le ke tlala le ke lefu la sewa, wena le setjhaba sa hao, kamoo ho boletseng Jehova kateng, bakeng sa setjhaba se sa tlo sebeletsa morena wa Babilona?


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Ke bea joko ya tshepe molaleng wa ditjhaba tseo tsohle, di tle di sebeletse Nebukadnesare, morena wa Babilona, mme di tla nne di mo sebeletse; ke mo neile le diphoofolo tsa naha.


Le Jekonia, mora Jojakime, morena wa Juda, le ba kgolehong kaofela ba Juda ba ileng Babilona, ke tla ba busetsa nqalong ena, ho bolela Jehova, hobane ke tla roba joko ya morena wa Babilona.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, ke ya romela lerumo le tlala le lefu la sewa hara bona, ke ya ba etsa jwaloka difeiye tse bodila, tse se nang ho jewa ke hoba di le mpe.


Ke tla ba phallela ka lerumo, ka tlala, le ka lefu la sewa; ke tla ba neela ho tsukutlwa mebusong yohle ya lefatshe, e nne e be thohako, le makatso, le sesomo, le nyediso hara ditjhaba tsohle moo ke qhalanyetsa teng;


Gedalia, mora Akikame, mora Shafane, a ba anela, bona le batho ba bona, a re: Le se ke la tshaba ho ipea ho Bakalde, le mpe le ikahele lefatsheng, le ipee ho morena wa Babilona, le tle le iketle.


Hobane Morena Jehova o re: Etlare hobane ke neele dikahlolo tsena tsa ka tse mpe tse nne, e leng lerumo, le tlala, le dilalome tse bohale, le lefu la sewa, ho wela Jerusalema, hore ho kgaolwe batho le dikgomo teng,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos