Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Ka bolella le baprista le setjhaba sena kaofela, ka re: Ho itswe ke Jehova: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona ba ntseng ba le porofetela, ba re: Bonang, mafiso a ntlo ya Jehova a sa ya kgutliswa Babilona kapele; athe ba le porofetela leshano.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

16 Le ho baprista le setjhaba sohle ka bua, ka re: “Morena o re: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona, ba le porofetelang, ba re: ‘Bonang, haufinyane thepa ya Tempele ya Morena e tla kgutliswa Babilona,’ hobane ba le porofetela leshano.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:16
7 Referencias Cruzadas  

A ya le matlotlo wohle a ntlo ya Jehova, le matlotlo a ntlo ya morena, a pshatla mesebetsi yohle ya kgauta, e neng e entswe ke Salomone, morena wa Iseraele, tempeleng ya Jehova, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


E moholo le ya hlomphehang ke hlooho, moporofeta ya rutang leshano ke mohatla.


Hobane ba le porofetela leshano, hore ke tle ke le kgannele hole le lefatshe la lona, ke le lahle, ke le timetse.


Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba ntseng ba le bolella, ba re: Ha le ka ke la sebeletsa morena wa Babilona, hobane ba le porofetela leshano.


Dilemo tse pedi ha di eso ho phethehe, ke tla busetsa nqalong ena mafiso kaofela a ntlo ya Jehova, ao Nebukadnesare, morena wa Babilona, a a nkileng nqalong ena, mme a ile le wona Babilona.


Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos