Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 27:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Tshimolohong ya puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re: Ho itswe ke Jehova ho nna:

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Tshimolohong ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 27:1
8 Referencias Cruzadas  

Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong ha a qala ho busa; a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Hamuthale, moradi wa Jeremia wa Libna.


Tsedekia o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a motso o mong, ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le motso o mong Jerusalema.


Tshimolohong ya puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho nna, la re:


Ka bolella le Tsedekia, morena wa Juda, mantswe ao kaofela, ka re: Le ke le bee melala ya lona jokong ya morena wa Babilona, le sebeletse yena le setjhaba sa hae, mme le tla phela.


o di romele ho morena wa Edomo, le ho morena wa Moabe, le ho morena wa bana ba Ammone, le ho morena wa Tire, le ho morena wa Sidone, ka manqosa a tlileng Jerusalema ho Tsedekia, morena wa Juda.


Selemong sona seo, tshimolohong ya puso ya Tsedekia, morena wa Juda, selemong sa bone, ka kgwedi ya bohlano, Hanania, mora Assure, moporofeta wa Gibeone, a mpolella ditaba pontsheng ya baprista le ya setjhaba kaofela ka tlung ya Jehova, a re:


Ke lona lentswe le tswileng ho Jehova, la ba la tla ho Jeremia, selemong sa leshome sa Tsedekia, morena wa Juda, e leng selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa Nebukadresare.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos