Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 26:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 O ba bolelle, o re: Ho itswe ke Jehova: Ekare ha le sa nkutlwe, ka ho tsamaya melaong eo ke e beileng pela lona,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 O ba bolelle, o re: ‘Morena o bua tjena: Haeba le sa mmamele, le sa latele melao ya ka eo ke le beetseng yona;

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 26:4
22 Referencias Cruzadas  

Empa ekare ha le mphuralla, lona, kapa bana ba lona, le sa boloke melao ya ka le ditaelo tsa ka, tseo ke le beetseng tsona, le empa le ya, le sebeletsa medimo esele, le e kgumamela,


empa ha le ikganela, le ikgantsha, le tla jewa ke lerumo; hobane molomo wa Jehova o boletse.


Empa ha le hana ho nkutlwa, ha ke le laela ho boloka letsatsi la Sabatha, le ho se jare diphahlo, le ho se di kenye ka menyako ya Jerusalema ka tsatsi la Sabatha, ke tla besa mollo menyakong ya motse, o tle o tjhese matlo a borena a Jerusalema, mme ha o ka ke wa tingwa.


Empa ha le sa mamele mantswe ana, ke hlapanya ka nna, ho bolela Jehova, hobane ntlo ena e tla be e etswe lesupi.


Mme ba bile ba tla, ba le rua, ba mpa ba sa ka ba utlwa lentswe la hao, mme ha ba ka ba tsamaya melaong ya hao; tsohle tseo o nnileng wa ba laela tsona hore ba di etse, ha ba ka ba di etsa; eba ke moo o ba hlahiseditseng bobe bona kaofela.


Le ho fihlela tsatsi lena, ha ho eso ho be ya ikokobetsang, leha e le ya tshabang; ha ba tsamaye molaong wa ka le ditaelong tsa ka, tseo ke di beileng pela lona le pela bontata lona!


Ke kahobane le ne le ntse le tjhesa dibano, le hobane le ne le ntse le sitelwa Jehova, le ne le sa utlwe lentswe la Jehova, le ne le sa tsamaye ka molao wa hae, le ka dikahlolo tsa hae, le ka dikeletso tsa hae; ke ka baka leo bobe boo bo le hlahetseng, kamoo ho ntseng ho le kateng le kajeno.


ka baka leo, ke ya etsa ntlo eo lebitso la ka le bitswang ho yona, eo le itshepetseng yona, le leaho leo ke le neileng lona le bontata lona, jwalokaha ke setse ke entse Silo;


Itiiseng, le phethe melao yohle, le ditaelo tsohle tseo ke di beang pela lona kajeno.


Hobane ke ya isa setjhaba sena lefatsheng le kollang lebese le dinotshi, leo ke anetseng bontata bona hore ke tla ba nea lona; etlare ha ba jele ba kgotse, ba nonne, ba tla kgelohela ho medimo esele, ba e sebeletse; ba tla nkgesa, ba tla tlola selekane sa ka.


Ke ona molao oo Moshe a kileng a o beela bana ba Iseraele.


Ke sefe setjhaba se seholo se nang le melao le ditaelo tse lokileng jwalokaha molao ona wohle oo ke o beang pela lona kajeno?


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos