Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 26:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ba ntsha Uria Egepeta, ba mo tlisa ho morena Jojakime, a mo hlaba ka lerumo, a ba a lahlela setopo sa hae mabitleng a bao e leng batho feela.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 Banna bao ba tla le Uriya, ba mo tlisa ho kgosi Jehoyakime. Jehoyakime a mmolaya ka sabole, a lahlela setopo sa hae ka setsheng sa mabitla a bafo.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 26:23
13 Referencias Cruzadas  

Le yena a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa le ka tsohle tse entsweng ke bontatae.


Ke kgalemetse bana ba lona ka lefeela; ha ba amohele tayo; lerumo la lona le bolaile baporofeta ba lona jwaloka hoja ke tau e harolang.


Kanthe wena, ha o na mahlo leha e le pelo, haese ya ho ikgahatlella le ho tsholla madi a se nang molato, le ho sebetsa botubo le ho tsohela batho matla.


O tla epelwa kepelo ya esele, o tla hulanngwa, a lahlelwe kantle ho menyako ya Jerusalema.


Feela, le itsebele hobane, ha le ka mpolaya, etlaba le beile madi a se nang molato hodima lona, le hodima motse ona, le hodima baahi ba teng; hobane kannete Jehova o nthomile ho lona, hore ke tle ke bolele mantswe ao kaofela ditsebeng tsa lona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova bakeng sa Jojakime, morena wa Juda: A ke ke a ba le mora ya tla dula teroneng ya Davida, mme setopo sa hae se tla lahlelwa kantle komellong ya letsatsi le serameng sa bosiu.


Yare ha e ntse e tsamaya hara ditau, ya fetoha tawana, ya ithuta ho harola thusolelo ya yona; ya eja le batho.


A romela ho kgaola Johanne hlooho teronkong.


e leng bona ba bolaileng Morena Jesu le baporofeta ba bona, mme ba re hlorisitse; ha ba kgahlise Modimo, mme ba hanyetsa batho bohle.


Ba tlepeditswe ka majwe, ba sehlilwe ka disakga, ba lekilwe, ba bolailwe ka bohale ba lerumo, ba phaitse hohle, ba ntse ba apere matlalo a dinku le a dipodi, ba lahlehelwa ke tsohle, ba hloriswa, ba etswa hampe —


Etlare hobane di phethe bopaki ba tsona, sebata se nyolohang sekoting se tla di lwantsha, se di hlole, se di bolaye.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos