Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 25:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Empa etlare hobane dilemo tse mashome a supileng di phethehe, ke tla kgalemela morena wa Babilona le setjhaba sa teng ka bokgopo ba bona, ho bolela Jehova, ke kgalemele le lefatshe la Bakalde, ke le fetole lefeella ka ho sa feleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

12 “ ‘Etlare ha dilemo tse mashome a supileng di fetile, ke otle kgosi ya Babilona le setjhaba sa yona ka baka la bokgopo ba yona, naha ya Bakalatiya ke e fetole nanaola ya kamehla yohle,’ ho rialo Morena.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 25:12
26 Referencias Cruzadas  

Tshiung tsa hae, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, mme Jojakime ya eba mohlanka wa hae ka dilemo tse tharo; a ntoo kweneha, a mo fetohela.


Ka selemo sa pele sa Siruse, morena wa Persia, ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le neng le boletswe ka molomo wa Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia, hore mmusong wohle wa hae a tsamaise tsebiso e ngodilweng, e reng:


Moradi wa Babilona, ya tlang ho etswa dithako, ho lehlohonolo ya tlang ho busetsa ho wena seo o re entseng sona!


Babilona, letlotlo la mebuso, kganya ya bokgabane ya Bakalde, o tla ba jwaloka metse ya Sodoma le Gomorra, mohla e senngwang ke Modimo.


Ke tla mo etsa letsaba la dihlong, le matsha a ditebetebe, ke mo fiele ka lefielo la tshenyo, ho bolela Jehova wa makgotla.


Metsi a Nimrime a sentswe, hobane hlaha e omeletse, jwang bo fedile teng, botala ha bo sa le yo.


Ka selemo seo Tharthane a neng a futuhele Ashdode, mohla a rongwang ke Sargone, morena wa Assiria, a ba a patela Ashdode, a o hlola,


Ho madimabe wena, mosenyi, ya esong ho senngwe, wena, mohapi ya esong ho hapjwe! Etlare ha o se o qetile ho senya, o tla senngwa; ha o qetile ho hapa, o tla hapjwa.


Bele o rapaladitswe, Nebo o dihilwe; ditshwantsho tsa bona di belesitswe ka dipelesa le ka diphoofolo, ditshwantsho tseo le neng le di jara di imela dipelesa tse kgathetseng ka boima ba tsona.


Ka baka leo, ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele, bakeng sa badisa ba disang setjhaba sa ka: Le qhalantse mohlape wa ka, le o hasantse, ha le a ka la o hlahloba; bonang, ke tla busetsa ho lona ka bolotsana ba diketso tsa lona, ho bolela Jehova.


Hobane le bona ba tla bewa katlasa ditjhaba tse kgolo le mebuso e meholo, mme ke tla busetsa ho bona ka diketso tsa bona le ka mosebetsi wa matsoho a bona.


A tla iswa Babilona, a sale teng ho fihlela mohla ke tla a batla, ho bolela Jehova, ke a tlise, ke a busetse nqalong ena.


Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, yena, le mora wa hae, le setloholo sa hae, ho fihlela mohla nako ya lefatshe la hae le lona e hlahang ya ho kokobetswa ke ditjhaba tse ngata le ke mebuso e meholo.


Hobane ho itswe ke Jehova: Dilemo tse mashome a supileng etlare ha di se di phethehile bakeng sa Babilona, ke tla le hopola, ke le etsetse ka mantswe a ka a molemo, ke le busetse nqalong ena.


Ke tla o etsa mafeella a mehla, mme metse ya hao ha e sa tla ahuwa, le tle le tsebe hoba ke nna Jehova.


ka selemo se qalang puso ya hae, nna Daniele, ka utlwa ka dibuka hore palo ya dilemo tseo Jehova a neng a di boleletse moporofeta Jeremia, tse neng di tla phetheha, Jerusalema a se a senyehile, ke dilemo tse mashome a supileng.


Ha ho le jwalo, na e ka kgona a nne a tsholle letlowa la hae, a tle a bolaye ditjhaba kamehla, a se na mohau na?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos