Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 25:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Ke tla kgutsisa ho bona lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, modumo wa lelwala le lesedi la lebone.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

10 Ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo; ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa; ke fedise lerata la lelwala ha ho silwa, ke time lebone.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 25:10
14 Referencias Cruzadas  

Mangolo a romelwa dinaheng tsohle tsa morena ka dititimi, ha thwe, ho timetswe, ho bolawe, ho fediswe Bajuda bohle, ba baholo le ba banyenyane, bana le basadi, ka tsatsi le le leng, e leng letsatsi la leshome le metso e meraro la kgwedi ya leshome le metso e mmedi, e leng kgwedi ya Adare, mme ba tlatlapuwe mesebetsi ya bona.


hobane ho rekisitswe ka nna le ka setjhaba sa heso hore re fediswe, re bolawe, re timeletswe. Hojane ebeba ho rekisitswe ka rona, hore re tle re etswe makgoba a banna le a basadi, nkabe ke kgutsitse; empa motshwenyi a ka sitwa ho lefa seo morena a tla senyehelwa ke sona.


Ka mangolo ao morena o ne a dumella Bajuda, motseng o mong le o mong, ho phutheha le ho lwanela bophelo ba bona, ho bolaya, ho fedisa le ho timetsa makgotla wohle a hlometseng a batho ba ka ba lwantshang dinaheng tsohle, hammoho le bana ba bona le basadi ba bona, le ho hapa dintho tsa bona.


Nka lelwala, o sile phofo; tlosa lesira la hao, o tswakeletse diaparo tsa hao; rola dieta, o tshele dinoka.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya kgutsisa nqalong ena, pela mahlo a lona le mehleng ya lona, lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa.


Thabo e tlositswe le nyakallo naheng ya nala le lefatsheng la Moabe. Ke fedisitse veine dihatelong, ha ba sa hata ka pina; ke mokgosi, ha e sa le pina.


Mme metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, ke tla kgutsisa lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane lefatshe le tla be le entswe lesupi.


Thabo ya dipelo tsa rona e fedile, pina ya rona e fetohile mahlomola.


Ke tla kgaoletsa modumo wa dipina tsa hao, mme ha ho sa tla hlola ho utluwa modumo wa diharepa tsa hao.


Ke tla fedisa menyaka ya hae yohle, ke fedise mekete ya hae le mekete ya dikgwedi tse thwasang, le Disabatha tsa hae, le diphutheho tsa hae tse mahlonoko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos