Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 25:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Lentswe le kileng la tla ho Jeremia bakeng sa setjhaba kaofela sa Juda, ka selemo sa bone sa puso ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, e neng e le sa pele sa Nebukadresare, morena wa Babilona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, e leng selemo sa pele sa puso ya Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, malebana le setjhaba sa Juda.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 25:1
13 Referencias Cruzadas  

Morena wa Egepeta a bea Eliakime, ngwanabo Joakase, morena wa Juda le Jerusalema, mme a fetola lebitso la hae, ya eba Jojakime. Haele Joakase, ngwanabo, Neko a ya le yena, a mo isa Egepeta.


Nebukadnesare, morena wa Babilona, a mo futuhela, a mo tlama ka mahlaalela a koporo, a mo isa Babilona.


La eba teng le mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ho isa qetellong ya selemo sa leshome le motso o mong sa puso ya Tsedekia, mora Josiase, morena wa Juda, mohla ba Jerusalema ba iswang kgolehong, ka kgwedi ya bohlano.


Ke lona lentswe le tswileng ho Jehova, la ba la tla ho Jeremia, selemong sa leshome sa Tsedekia, morena wa Juda, e leng selemo sa leshome le metso e robileng meno e le mmedi sa Nebukadresare.


Lentswe le tswang ho Jehova le kile la tla ho Jeremia, mehleng ya Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, la re:


Ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, lentswe lena le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, la re:


Lentswe leo moporofeta Jeremia a kileng a le bolella Baruke, mora Neria, ha a ne a ntse a ngola mantswe ana kaofela bukeng, ka molomo wa Jeremia, ka selemo sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda, ke le reng:


Bakeng sa Egepeta, le bakeng sa makgotla a Faro-Neko, morena wa Egepeta, a neng a le pela noka ya Eufrate, Karkemishe, ao Nebukadresare, morena wa Babilona, a kileng a a bolaya selemong sa bone sa Jojakime, mora Josiase, morena wa Juda.


Lentswe le tswang ho Jehova le ne le tle ho Jeremia, la re:


Ka selemo sa boraro sa ho busa ha Jojakime, morena wa Juda, Nebukadnesare, morena wa Babilona, a futuhela Jerusalema, mme a o thibella ka ntwa.


Morena a neela Jojakime, morena wa Juda, le mesebetsi e meng ya ntlo ya Modimo matsohong a hae; Nebukadnesare a e isa naheng ya Shineare ka tlung ya modimo wa hae, a kenya mesebetsi eo polokelong ya letlotlo la modimo wa hae.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya Nebukadnesare, Nebukadnesare a lora ditoro; moya wa hae wa tjhoba, a hlobaela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos