Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 23:27 - Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Na ba na le kgopolo ya hore ba lebatse setjhaba sa ka lebitso la ka ka ditoro tsa bona tseo ba di bolelang e mong le e mong ho molekane wa hae, jwaloka bontata bona ba kileng ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale na?

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

27 Ka ditoro tsena tseo ba di bolellanang, ba nahana hore ba tla etsa hore setjhaba sena sa ka se lebale lebitso la ka, jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 23:27
14 Referencias Cruzadas  

A boela a haha nqalo tse diphahameng, tse neng di qhaqhilwe ke ntatae Esekiase, a hahela Baale dialetare, a etsa setshwantsho sa Ashtarothe, jwalokaha ho ne ho entse Akabe, morena wa Iseraele; a kgumamela le makgotla wohle a lehodimo, a a sebeletsa.


Na morwetsana a ka lebala mekgabo ya hae, kapa monyaduwa a ka lebala senyepa sa hae? Empa setjhaba sa ka se ntebetse ka ditshiu tse sa balweng.


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Le se ke la nna le thetswa ke baporofeta ba lona ba hara lona, le ke dinohe tsa lona; le se ke la mamela balori ba lona bao le batlang ditoro ho bona.


ba mpa ba nnile ba tsamaya ka bothata ba dipelo tsa bona le ka ho latela boBaale, kamoo ba rutilweng kateng ke bontata bona;


Empa Elimase — ke ho re, senohe, ha lebitso la hae le fetolwa — a ba hanyetsa, a leka ho kgelosa mmusisi tumelong.


Iponele, o se lebale Jehova, Modimo wa hao, ka ho se boloke ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, eo ke o laelang yona kajeno,


pelo ya hao ya ikgohomosa, mme wa lebala Jehova, Modimo wa hao, ya o nyolotseng naheng ya Egepeta, tlung ya bohlanka;


O mpe o hopole Jehova, Modimo wa hao, hobane ke yena ya o neang matla a ho rua dintho tseo, hore a tiise selekane sa hae, seo a se anetseng bontatao, jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Bana ba Iseraele ba boela ba etsa ho leng hobe pela Jehova; ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe, le medimo ya Siria, le medimo ya Sidone, le medimo ya Moabe, le medimo ya bana ba Ammone, le medimo ya Bafilesta; ba furalla Jehova, ba lesa ho mo sebeletsa.


Bana ba Iseraele ba etsa ho leng hobe pela Jehova, ba lebala Jehova, Modimo wa bona, ba sebeletsa boBaale le boAshtarothe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos